A re Haheng Liholo Tsa Rōna Tsa ’Muso ’me re li Hlokomele
1 Re thabile haholo ha re utloa hore ho na le Liholo tsa ’Muso tse 600 tse phahamisang borapeli bo hloekileng metseng ea Afrika ka boroa. Mehaho ena e metle, e ka sebelisoa hamolemo ebile e itekanetse. Barab’abo rōna ba kopana ka thabo libakeng tsena tsa borapeli tse ntle tse khetholloang ka ho khothatsana.—Baheb. 10:24, 25.
2 Liholong tse ncha tse 60 tse ileng tsa neheloa selemong se fetileng ho kopanela bahoeletsi ba 3 539 le ba bangata ba thabelang. Re babatsa bohle bao ka pelo eohle ba tšehelitseng mosebetsi ona o ikhethang ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, liphutheho tse fetang 300 tsa bahoeletsi ba 19 472 li ntse li hloka sebaka se loketseng sa borapeli. Kahoo, e le hore lenaneo la rōna la kaho le potlake haholoanyane, ho entsoe pakane ea ho haha liholo tse ncha tse 100 selemong sena sa tšebeletso. Ho bonahala hore pakane ena e ka finyelloa ha re nahana hore hona joale ho na le morero oa ho haha liholo tse 84 o ntseng o tsoela pele le hore liphutheho tse ling tse 104 li na le litša. Kaha bongata ba liphutheho tsa litoropong tšimong ea rōna li na le Liholo tsa ’Muso hona joale re lebisa tlhokomelo metseng le metsaneng.
3 Ho fanoa ka bopaki bo botle lekhetlo ka leng leo ka lona ho hahoang Holo ea ’Muso motseng o itseng. Botswana ho bile le ba bangata ba bontšang thahasello ha ho ne ho hahuoa holo ka mokhoa o potlakileng moo motse-moholo. Lipaki tse tsoang tikolohong ea Johannesburg li ile tsa nka leeto ka mafelo-beke, tsa ithaopela ho sebelisa tsebo le thepa ea tsona. Koranta ea Botswana Guardian e ile ea phatlalatsa: “Holo a e be Teng.” Seboholi sa seea-le-moea se ile sa botsa lipotso tse mabapi le litaba tsa molao mabapi le mosebetsi oa kaho, e leng se ileng sa tsosa thahasello ea batho bohle le ho feta. Empa ba boholong ba ne ba fane ka tumello ’me batho ba Gaborone ba ile ba shebella mosebetsi ona ka thahasello ka matsatsi a mararo a latelang. Ka mor’a mafelo-beke, The Midweek Sun e ile ea tlaleha hore holo eo Lipaki li neng li “tšepisitse hore e tla phahama le ho sebelisoa hang-hang, ka sebele e phethiloe.”
Na le Hloka Holo ea ’Muso?
4 Baholo ba sebaka ka seng ba lokela ho buisana ka taba ena le molebeli oa potoloho. Molebeli oa potoloho a ka ’na a rata ho hlahloba lintlha tse leshome tse leqepheng la 6 la kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1994, ’me a bolele hore na o hlokometse eng mabapi le seo phutheho e se hlokang le seo e khonang ho se etsa. O tla boela a fane ka aterese le nomoro ea thelefono ea molula-setulo oa komiti ea libaka. Likomiti tse 23 tsa Kaho tsa Libaka li na le litataiso tse hlakileng tse tsoang ofising ea lekala ’me phihlelo eo li nang le eona le tataiso li thusa liphutheho ho qoba mathata a ipatileng ha li reka litša le ha li lokisetsa ho haha. Ha phutheho e etsa qeto ea ho haha Holo ea eona ea ’Muso e ne e ka ba ho loketseng hore e khethe komiti ea kaho ea sebaka sa habo eona.
5 Ho fumana Holo ea ’Muso e ngolisitsoeng ka molao ho hloka hore ho etsoe ka potlako le ka ho phehella haeba re batla ho iphaphatha le kaho e potlakileng ea Liholo tsa ’Muso. Tiisehang hore le fumana litokomane tse loketseng ha setša se fanoe. Se lokela ho ngolisoa ka lebitso la phutheho, ka mohlala, Sebokeng Congregation of Jehovah’s Witnesses. Ka kōpo hopolang hore liphutheho li lokela ho buisana le Komiti ea Kaho ea Libaka nako e telele pele setša se fumanoa. Sena ke sa bohlokoa kaha ho khethoa ha setša ho ka ama haholo theko ea Holo ea ’Muso. (Liprov. 15:22) Komiti ea libaka e ka thusa phutheho ho etsa liqeto tse leka-lekaneng mabapi le polane ea holo. Ka kōpo le se ke la tsoela pele ka polane pele le kopana le Komiti ea Kaho ea Libaka. Sena se tla thibela hore ho se sebelisoe chelete e ngata haholo mohahong le ho qoba ho etsa liphoso tse tebileng polaneng. Ofisi ea lekala e fane ka bukana ea lipolane tsa motheo tseo baholo ba ka khethang ho tsona. Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e fane ka tumello ea ho haha folete haeba e hlile e hlokahala.
6 Ha ho qalisoa mosebetsi oa kaho ea Holo ea ’Muso, ho lokela hore ho hlakisetsoe (li)phutheho (ts)e amehang hore (li)e lokela ho tšehetsa ka chelete. (Bona Memorandum T-36, Information Regarding Ownership of Kingdom Halls, ea January 1, 2001.) Baholo ba lokela ho etsa phuputso phuthehong e le hore ba ka tseba hore na (1) ho tla neheloa bokae qalong bakeng sa ho reka setša le bakeng sa litšenyehelo tsa kaho, ’me (2) ho tla neheloa bokae khoeli le khoeli bakeng sa ho lefa chelete efe kapa efe e alimiloeng ofising ea lekala le ho lefa litšenyehelo tsa phutheho. Liphutheho tse ling tse tsitsitseng tse seng li ntse li e-na le Liholo tsa tsona tsa ’Muso li ithaopetse ho thusa phutheho e ntseng e hōla ka mosebetsi oa eona oa ho haha Holo ea ’Muso. Li etsa sena li sa kopuoe menehelo. Liphutheho tse joalo li kalima chelete e nyenyane ofising ea lekala ho lefella kaho ea holo e ncha. Ke moea o motle hakaakang oo see se o hlahisang har’a batho ba Molimo!
7 Kaha mosebetsi oa kaho ea Holo ea ’Muso o akarelletsa litšenyehelo tse ngata, Komiti ea Kaho ea Libaka le baholo ba sebaka ka seng ba lokela ho tiiseha hore chelete e tšoaroa ka tsela e bontšang boikarabelo. Ho hlokahala hore ho bolokoe litlaleho tse nepahetseng tsa liak’haonte, ’me phutheho e lokela ho etsetsoa litlaleho tse hlakileng khoeli le khoeli. Molebeli ea okamelang o lokela ho tiiseha hore chelete ea kaho le liak’haonte tsohle tse amanang le eona li hlahlojoa hane ka selemo, likhoeling tseo liak’haonte tsa phutheho tse tloaelehileng li hlahlojoang ka tsona. Phutheho e lokela ho fana ka tumello e feletseng bakeng sa mosebetsi oa kaho ka mor’a hore e tsebisoe ka ho feletseng ka makolopetso oohle le khakanyo ea litšenyehelo. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1984 leqepheng la 3.) Liphutheho tse ling li kōpa Komiti ea Kaho ea Libaka hore e sebetsane le lichelete tsa eona ka ho toba ha sena e le se ka sebetsang hamolemo haholoanyane. Ha mosebetsi ona oa kaho o se o phethiloe, ho lokela hore ho etsoe tlaleho e hlakileng ea liak’haonte tsa chelete eohle e sebelisitsoeng. Ho lokela hore ho etsoe tlhahlobo e be e bolokoe lifaeleng tsa phutheho ’me kopi ea Financial Summary e romeloe ofising ea lekala.—Bafil. 4:5.
8 Phutheho e ’ngoe e nyenyane ea mahaeng e ile ea phetha holo ea eona ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea moruti ea hlaheletseng. Ka mor’a ho leka ka makhetlo ho batla setša, taba ena e ile ea qetella e le lekhotleng la ’maseterata, ’me phutheho e ile ea se fuoa. Joale bothata ea e-ba chelete ’me barab’abo rōna ba etsa qeto ea ho rekisa likolobe. Chelete e fumanoeng e ile ea isoa polokelong ea banka ea Holo ea ’Muso, ka lebaka leo ba ile ba khona ho qalisa ho haha. Ha chelete eo e fela, e mong oa barab’abo rōna o ile a rekisa khomo le pere. Hamorao ho ile ha rekisoa linku tse leshome, khomo e le ’ngoe, pere le linku tse ling tse hlano. Morali e mong oabo rōna o ile a ithaopela ho reka pente bakeng sa holo, e mong a ithaopela ho reka k’hapete, ha e mong eena a ile a ithaopela ho reka likharetene. Qetellong ho ile ha rekisoa khomo e ’ngoe hape le linku tse hlano hore ho rekoe litulo. Molebeli oa potoloho o tlaleha hore bara bana babo rōna ba motlotlo haholo ka holo ea bona. E ile ea phethoa ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova monehelong oa bona o etsoang ka seatla se bulehileng.
Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
9 Likomiti tsa Kaho tsa Libaka li tlaleha hore ho hlokahala baithaopi ba bang ba bangata. Ena ke tšebeletso ea bohlokoa e tšehetsang lithahasello tsa ’Muso ’me balebeli ba potoloho ba lebisa tlhokomelo e khethehileng ho eona. (1 Bakor. 15:58) Haeba u batla ho ithaopela ho thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso sebakeng sa heno, ’me u le mohlanka ea sebeletsang, moholo, kapa Mokreste ea behang mohlala o motle ea nang le tsebo ea mosebetsi o itseng, u ka kōpa liforomo tse peli tsa (S-82) ho mongoli oa phutheho ea heno. Liforomo tse tlatsitsoeng li lokela ho fuoa baholo, bona ba tla ngola litlhaloso tsa bona ebe ba li fetisetsa Komiting ea Kaho ea Libaka. Haeba maemo a hao a lumela eba ua tšoaneleha bakeng sa ho ithaopa, u tla fumana litlhohonolofatso tse khōlō ha u ntse u bona thabo ea bara le barali beno ha mosebetsi oa kaho ea Holo ea bona ea ’Muso o phethoa.
Ho Hlokomela Sebaka sa Rōna sa Borapeli Hantle
10 Ha ho pelaelo hore u hopola mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso” le a reng “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.” (1 Bakor. 14:33, 40) Ka lebaka leo, Liholo tsa rōna tsa ’Muso li lokela ho hlokomeloa kamehla kaha lia hlompheha li bile li na le seriti. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lokela hore ka cheseho ba behe mohlala tabeng ea ho hlompha Holo ea ’Muso. Ka tloaelo ho abeloa baholo ba babeli kapa ba bararo, kapa bahlanka ba sebeletsang ho hlokomela mosebetsi oa ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle. Moo holo e sebelisoang ke liphutheho tse fetang e le ’ngoe, komiti ea tsamaiso ea baholo e laola tokisetso ena, empa e mong le e mong o lokela ho thahasella holo e le kannete. Baa hlokomela hore Holo ea ’Muso e nehetsoe ho Jehova.
11 Baholo ha baa lokela ho lieha ha ho hlokahala hore ho lokisoe ntho e itseng. (2 Likron. 24:5, 13; 29:3; 34:8) Tlhahlobo ea selemo le selemo ea Holo ka ’ngoe ea ’Muso e etsoa ka morero oa hore hang-hang ho lokisoe lintho tse lokelang ho lokisoa. Haeba kamehla ho lokisoa lintho ebile tokiso e joalo e lefelloa, liphutheho li ka ’na tsa qoba ho lokisa lintho ka chelete e ngata, kahoo ha se ke ha hlokahala hore li alime chelete. Ka lebaka leo, phutheho e lokela hore nako le nako e khothalletsoe ho tiisa hore ho na le chelete e lekaneng ea ho hlokomela sebaka sa eona sa borapeli. Liak’haonte tse kang tsa metsi le motlakase li lokela ho lefshoa hang-hang. Liphutheho tse ling li hlokomolohile litefello tse joalo eaba lia kolota, e leng ho fanang ka maikutlo a mabe ka batho ba Jehova. Sehlopha sa baholo se boetse se lokela ho tiisa hore monehelo oa Tokisetso ea ho Thusa Liholong tsa ’Muso o romeloa selemo le selemo. Ke habohlokoa hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tšehetse tokisetso ena.
12 Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso e lokela ho ba le sebaka sa ho boloka lintho tse sebelisoang, lithulusi le thepa, se lulang se hloekile ebile se le makhethe. Ba sebetsang lefapheng la libuka le limakasine ba lokela ho tiiseha hore mabokose a lephaka le lipolasetiki tse phuthelang ha li silafatse holo. (Baheb. 13:7) Ho Lipaki tsa Jehova tse limilione, ha ho na sebaka seo ba se ratang ho feta sebaka sa bona sa borapeli ba kamehla, e leng Holo ea ’Muso. Li ananela ho ba le Holo ea ’Muso ’me li khothalla ho e hlokomela. (Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 2000.)
Mosebetsi o ka Pele
13 E, kaofela ha rōna re na le mabaka a ho thaba ha re ntse re finyella litlhoko tsa kotulo. Re thabile hakaakang hore ebe re na le banna ba khethiloeng ba etellang pele linthong tsa moea le kahong ea mehaho e hlokahalang! Re lokela ho ba le moea oa tšebelisano—re sebetse hammoho re be re tšehetse ka ho feletseng mosebetsi ona oa bohlokoa. (Pes. 133:1) Pauluse o ile a ipiletsa ho Bafilipi, a re: “Le tlatse thabo ea ka ka hore le na le kelello e tšoanang ’me le na le lerato le tšoanang.”—Bafil. 2:2.
14 Letlōle la Liholo tsa ’Muso la ofisi ea lekala le tsoela pele ho alimana ka chelete ea ho haha liholo tse ncha. Liphutheho tse ngata le batho ka bomong kamehla ba romela menehelo bakeng sa letlōle lena ’me lerato la lōna le moea oa ho fana ka seatla se bulehileng li ananeloa haholo. Hape, liphutheho tse ngata li lefa chelete eo li e alimetseng ho haha Liholo tsa tsona tsa ’Muso ka tsela e babatsehang khoeli le khoeli, kahoo li bontša hore lia leboha hore ebe li thusitsoe ka tsela e mosa joalo. Ka tsela eo li tšehetsa tokisetso ea chelete ena eo ho alimanoang ka eona, eo hamorao e sebelisetsoang ho thusa liphutheho tse ling tse ngata tse sa ntseng li hloka libaka tsa ho kopanela.
15 Ebang re hlokomela holo ea rōna, re nehelana ka chelete bakeng sa Liholo tse ncha tsa ’Muso, kapa re sebetsa re le baithaopi kahong, re itšoarella ka tieo ’Musong ’me ka botšepehi re sebeletsa lithahasello tsa oona. Re na le tokelo e khethehileng hakaakang ea ho sebetsa hammoho le Jesu Kreste mosebetsing oa Jehova!
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Rathanda, Gauteng
[Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Morija, Lesotho
Otjiwarongo (bokahare ka holimo), Namibia
Grange Westgate, Kwazulu-Natal
Gaborone North (bokantle ka holimo), Botswana
Ntabamhlophe (bokantle ka tlaase), Swaziland
Nseleni, Kwazulu-Natal