Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/02 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 4/02 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo e ngoloang ho sa phetloe libuka tse nang le boitsebiso bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa beke ea la 7 January ho ea ho la 22 April, 2002. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e fanoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ho Moeklesia 2:2, ntlha ea bohlokoa eo Solomone a buang ka eona ke hore litšeho le thabo li lokela ho qojoa. [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 9/15 leq. 24 ser. 5.]

2. Ho e-na le ho ba buka e hlokisang motho tšepo, Moeklesia e tletse mahakoe a benyang a bohlale ba bomolimo ’me e bontša hore mesebetsi e tlisang tlokotsi ke e hlokomolohang Molimo. [2, si-SU leq. 114 ser. 15]

3. Ho Esaia 1:7 moprofeta o bua ka ho etsoa lesupi ha Juda nakong ea puso ea Akaze. [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 17 ser. 16.]

4. ‘Ho ema ka pel’a terone le ka pel’a Konyana,’ hoo ho buuoeng ka hona ho Tšenolo 7:9, ho bontša sebaka sa leholimo. [6, rs-SU leq. 229 ser. 6]

5. Ho “hlompha Jehova” ka ho fana ka seatla se bulehileng ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa—nako, tsebo, matla le lintho tse bonahalang—ho fella ka litlhohonolofatso tsa moea tse ngata tse tsoang ho Jehova. (Liprov. 3:9, 10) [7, w00-SU 1/15 leq. 25 ser. 1]

6. ‘Ketso e makatsang le mosebetsi o sa tloaelehang’ tsa kajeno tse boletsoeng esale pele ho Esaia 28:21 li bolela timetso ea lichaba ka Armagedone. [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 295 ser. 16; leq. 301 ser. 28.]

7. Joalokaha Matheu 24:38, 39 e bontša, ho ja le ho noa haholo, hammoho le mesebetsi e meng ea batho, ho ile ha etsa hore batho ba mehleng ea Noe ba timetsoe ke Moroallo. [11, w00-SU 2/15 leq. 6 ser. 6]

8. Kamehla Jehova o fana ka se kōptjoang ke bahlanka ba hae ba ikokobelitseng ba mo sebeletsang ka ho hloka boithati. [12, w00-SU 3/1 leq. 4 ser. 3]

9. “Lichaba” tseo ho buuoang ka tsona ho Esaia 60:3 ke lichaba tsa lipolotiki ka bomong tse khahliloeng ke leseli leo Molimo a fanang ka lona. [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 1/1 leq. 12 ser. 4.]

10. Jehova o ile a “halaletsa” Jeremia pele a hlaha ka hore A rere esale pele qetello ea hae ea ka ho sa feleng. (Jer. 1:5) [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 4/1 leq. 10 ser. 2.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ho Moeklesia 11:1, ho boleloa eng ka ho “lahlela bohobe”? [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 9/15 leq. 25 ser. 11.]

12. Ho Esaia 6:8, Jehova o akarelletsa mang ha a re “rōna”? [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU maq. 93-4 ser. 13.]

13. Phethahatsong ea Esaia 9:2, “leseli le leholo” le ile la chaba joang Galilea? [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 126 ser. 17.]

14. Ho oa ha Babylona ka 539 B.C.E. le ha e qetella e entsoe lesupi ho ka bapisoa le eng kajeno? (Esa. 13:19, 20; 14:22, 23) [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 188 ser. 30-1.]

15. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le sebelelitse e le “molebeli” ea hlalositsoeng ho Esaia 21:6 joang? (Mat. 24:45) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 221-2 ser. 11.]

16. Ke keletso efe e bohlale eo mohlankana ea batlang molekane oa lenyalo a ka e fumanang ho Liproverbia 31:10? [10, w00-SU 2/1 leq. 31 ser. 1]

17. Melimo ea lichaba e phephetsoa joang ho Esaia 43:9? [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 2/1 leq. 16 ser. 3.]

18. Maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo a “khahleha” ka tsela efe? (Esa. 52:7) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 4/15 leq. 27 ser. 6.]

19. Ho hlokahala hore re etse eng hore re thibele lipelo tsa rōna ho re thetsa? (Jer. 17:9) [13, w00-SU 3/1 leq. 30 ser. 4]

20. Ba ‘tsamaeang tseleng ea Jehova’ ba lokela ho etsa eng? (Jer. 7:23) [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 8/15 leq. 29 ser. 6.]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. “Pelo ea ea bohlale e ka letsohong la hae le letona” ka kutloisiso ea hore hangata ‘letsoho le letona’ le emela ........................ ; kahoo, sena se bontša hore........................ ea hae e mo susumelletsa ho phehella tsela e ntle, e amohelehang. (Moek. 10:2; Mat. 25:33) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 9/15 leq. 25 ser. 8.]

22. Har’a lithuto tsa bohlokoa tse rutoang ho Sefela sa Lifela ke ........................ melao-motheong ea bomolimo. [3, si-SU leq. 117 ser. 16]

23. Motlatlapi oa metse ea Juda, ea hlalositsoeng ho Esaia 33:1, ke ........................ , eo ka boeona e neng e tla qetella e hlōtsoe ka 632 B.C.E., e siee thepa e ngata e tla hapuoa ke baahi ba........................ , ba neng ba tla e ‘bokella joalokaha maphele a bokana.’ (Esa. 33:4) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 343 ser. 4; leq. 345 ser. 6.]

24. Ho bapisa Esaia 54:1 le Bagalata 4:26, 27 ho senola hore “nyopa” e tšoantšetsa ........................ ’me “mosali ea nang le monghali eo e leng monna,” ke ........................ . [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 8/1 leq. 11 ser. 8.]

25. Ha re kopana le litšomo le ho khesoa tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa, ho hlokahala hore re hopole hore khanyetso e joalo ha e le hantle ha ea lebisoa ho........................ empa e lebisitsoe ho........................ , Mohloli oa molaetsa oa rōna. (2 Bakor. 4:1, 7) [6, w00-SU 1/15 leq. 21 ser. 1]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ha Pauluse a ngola ka pono ea hae ea khanya ea Jesu ea leholimo, o ile a ipolela e le “ea hlahileng pele ho nako,” e leng se bolelang hore (o ne a sa tsoa tsoaloa ka moea; ke khale a behiloe hore e be moapostola ho lichaba; ho ne ho le joalokaha eka o ne a fuoe tlotla ea ho hlaha kapa ho tsosetsoa bophelong ba moea pele ho nako). (1 Bakor. 9:1; 15:8) [8, w00-SU 1/15 leq. 29 ser. 6]

27. Tlotla “Ntate oa ka ho sa Feleng” e bolela matla a puso le matla a ho laela a Morena oa Bomesia a ho fa batho (matla a moea; bophelo ba ho se shoe leholimong; tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng). (Esa. 9:6; Joh. 11:25, 26) [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU leq. 131 ser. 26.]

28. Phethahatsong ea kajeno ea Esaia 66:7, “ngoana e motona” ea ileng a tsoaloa o emela (Jesu Kreste; ’Muso oa Bomesia; sechaba se secha sa moea ka 1919). [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 1/1 leq. 11 ser. 3.]

29. Ho bala Matheu 10:28 ka hloko ho re thusa hore re bone hore Gehena e tukang (ke sebaka sa tlhokofatso seo ho sona motho a ntseng a ikutloa; e emela timetso ea ka ho sa feleng; e bolela ho ikarola ho Molimo). [9, rs-SU leq. 244 ser. 1]

30. Phethahatsong ea kajeno, “sechaba seo batho ba sona ba sa kang ba mamela lentsoe la Jehova,” seo ho buuoang ka sona ho Jeremia 7:28, ke (Babylona e Moholo; Bokreste-’mōtoana; ’muso oa lefatše oa bosupa). [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 4/1 leq. 18 ser. 10.]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Liprov. 24:16; Moek. 3:11; Esa. 40:8; Bar. 10:15; 1 Pet. 4:6

31. Ka nako ea teng, ho tla senoloa sebaka se loketseng seo ho sona mosebetsi o mong le o mong oa Molimo o kenang morerong oa oona. [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 9/15 leq. 24 ser. 8.]

32. Ho boleloa ha litaba tse molemo ho ba shoeleng moeeng ho ba fa monyetla oa ho baka. [3, rs-SU leq. 226 ser. 1]

33. Le hoja ho hlōleha ho sa qobehe bophelong, motho ea tšabang Molimo ha a tele ho loanela ho etsa se setle. [9, w00-SU 2/1 leq. 5 ser. 1]

34. Lentsoe la Molimo, kapa morero oa hae o boletsoeng le ke ke la hlakoloa kapa la sitisoa ho phethahala. [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona ip-1-SU maq. 401-2 ser. 10.]

35. Baapostola ba Jesu ba ile ba sebelisa boprofeta ba Esaia hamolemo, ba bo sebelisa tšebeletsong. [14, si-SU leq. 123 ser. 37]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela