Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Bahoeletsi ba lokela ho bolella beng ba ntlo hore haeba ba rata, ba ka fana ka monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Ha ho fumanoa thahasello leetong la ho boela, kenyelletsa motho eo tselaneng ea limakasine. Fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, ka sepheo sa ho qalisa thuto ea Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba beng ba matlo ba e-na le lingoliloeng tsena, fana ka bukana e loketseng e teng setokong sa phutheho. July: Ho ka sebelisoa bukana leha e efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Bukana ea Buka ea Batho Bohle le ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? li ka fanoa moo ho loketseng.
◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Haeba ho e-na le phetoho nakong leha e le efe, Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29) le ho e romela ofising ea lekala kapele-pele. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa nomoro ea sebaka ea poso.
◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho ba le liforomo tse lekaneng tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Liforomo tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane ho be le tse ka nkang selemo. Hlahlobang liforomo tsohle tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla ho etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe ka ho feletseng. Haeba bakōpi ba se ba sa hopole hantle hore na ba kolobelitsoe neng, ba ka hakanyetsa letsatsi ’me ba le boloke tlalehong.
◼ Neng le neng ha motho a lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me a rera ho ba teng libokeng, kopanong ea potoloho kapa ea setereke moo, o lokela ho kōpa boitsebiso ba matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e hlokomelang mosebetsi naheng eo. Liaterese tsa liofisi tsa makala li ka fumanoa leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara meqolo ea 2001 ea The Watchtower le Awake! Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha e le “Pending” lethathamong la tse romelloang phutheho. Meqolo e fumaneha ka kōpo e khethehileng.
◼ Ho qala bekeng ea la 16 September, 2002, re tla ithuta Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II Thutong ea Buka ea Phutheho. Liphutheho li khothalletsoa ho odara buka ena esale nako.