Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Bukana e reng Buka ea Batho Bohle le ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, li ka fanoa moo ho loketseng. September: Buka ea Tsebo. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Ho tloha ka September, sehlooho sa puo ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba sena “Lebela Boitsebahatso ba Hao ba Bokreste!”
◼ Ho bohlokoa hore molebeli ea okamelang a tsebise Bethel Office ka lengolo kapa ka thelefono esale pele haeba sehlopha sa batho ba 20 kapa ho feta se rera ho etela lekaleng ka bese kapa ka tekesi. Ho tla hlokahala hore a bolele hore na ho tla batho ba bakae, ka letsatsi lefe, ka nako efe. RE KŌPA HORE LE FANE KA BOITSEBISO BONA NAKO ESALE TENG. Batho ha ba bontšoe Bethele ka Moqebelo ka mor’a 12:00 motšehare o moholo, empa u ka bontšoa Bethele ka matsatsi a phomolo ea sechaba a har’a beke. Pele u eta, re kōpa hore u hlahlobe Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea June 2002 mabapi le moaparo o loketseng le boitlhopho ha u etela Bethele.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2003 ha li odara lingoliloeng ka July. Re kōpa hore le baballe liforomo tsena. Li lokela ho sebelisetsoa feela morero oo li o lokiselitsoeng.
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
A Satisfying Life—How to Attain It—Senyesemane
Warning Examples for Our Day (Tšoantšiso, ke k’hasete e le ’ngoe)—Sepotoketsi
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
What Does God Require of Us?—Puo ea Matsoho ea Amerika
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:
The Greatest Man Who Ever Lived, Moqolo 9—Puo ea Matsoho ea Amerika