Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa July 15
“Na u nahana hore ba khopo ba hlokofatsoa liheleng? [Emela karabelo.] Bibele e bontša ka ho hlaka hore na moputso oa sebe ke eng. [Bala Baroma 6:23a.] Joale, na lihele ke sebaka se chesang sa tlhokofatso? Na ke feela boemo ba ho aroha ho Molimo? Makasine ena e fana ka karabo ea Mangolo lipotsong tsena.”
Molula-Qhooa Aug. 1
“Batho ba bangata ba na le maikutlo a hore litumela-khoela le mekhoa e tsamaisanang le tsona ke boithabiso feela tjee. [Mo bontše ntlha e le ’ngoe kapa tse peli lebokoseng le leqepheng la 5.] Na u kile ua nahana hore na ke eng se susumetsang mehopolo e joalo? [Ha a se a arabetse, bala 2 Bakorinthe 11:14.] Makasine ena e fana ka pono ea Bibele ka litumela-khoela.”
Tsoha! Aug. 8
“Batho ba bangata ba talima papali ea chelete e le ho itlosa bolutu ho loketseng. Ba bang ba na le maikutlo a hore hangata e ba kotsi malapeng le sechabeng. Tokollo ena ea Tsoha! e hlahloba papali ea chelete ka kutloisiso ea patlisiso e sa tsoa hatisoa. Ho ka etsahala hore ebe le uena u thahasella ho bala seo melao-motheo ea Bibele e se buang ka taba ena.” Ka mohlala, bala 1 Timothea 6:10.
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba amehile haholo ka ho eketseha ha pefo le bokhukhuni. Mohlomong u lumellana le mantsoe a Moeklesia 8:9. [E bale ebe u emela karabelo.] Tokollo ena ea Tsoha! e hlahloba se ithutiloeng liketsahalong tsa nako e fetileng ’me e bontša kamoo khatello e joalo e tla tloha e fela.”