Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/02 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 8/02 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: Ho ka sebelisoa bukana leha e efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Bukana e reng Buka ea Batho Bohle le ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, li ka fanoa moo ho loketseng. September: Buka ea Tsebo. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, u ka ba fa buka e ’ngoe ho tsa khale.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha e se e hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea lichelete.

◼ Ho baloa ha setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng ho etsoang selemo le selemo ho lokela ho etsoa ka la 31 August, 2002, kapa ho etsoe letsatsing le atamelaneng haholo le leo. Setoko sena se tšoana le ho baloa ha libuka ho etsoang ke mohokahanyi khoeli le khoeli, ’me palo e akaretsang ea tsona e lokela ho kenngoa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Palo e akaretsang ea limakasine tse teng e ka fumanoa ho bahlanka ba limakasine ba sehlopheng sa kabo ea libuka phuthehong ka ’ngoe. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Ka kōpo romelang kopi e ka holimo ho Mokhatlo pele ho la 6 September. Bolokang kopi ea bobeli lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e tla ba eo ho sebeletsoang ho eona. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlokomela ho baloa ha setoko. Eena le molebeli ea okamelang ba phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala hang-hang ho kōpa libeche tsa kopano ea setereke bakeng sa 2002 ha li odara libuka ka September. Li odaroe ka lihlopha tsa tse 20. Liodara tse siiloeng ke nako, tse tlang li se li potlakile li ke ke tsa amoheloa, kahoo, etsang odara ea libuka eseng ka mor’a October. Libeche li tla fumaneha ka Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu feela.

◼ Ho tloha ka la 27 ho ea ho la 31 August, 2002, ho tla baloa setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka leo, ho ke ke ha sebetsanoa le liodara tsa lingoliloeng tsa liphutheho bakeng sa ho romeloa matsatsing ao.

◼ Ka linako tse ling, liphutheho le bahoeletsi ka bomong ba talimana le mathata a mabapi le litaba tsa molao malebana le borapeli ba rōna ho Jehova. Ka 1950 ho ile ha hatisoa bukana ea Defending and Legally Establishing the Good News bakeng sa ho thusa litabeng tsena. Le hoja bukana ena e ’nile ea sebelisoa nakong e fetileng, boitsebiso ba eona litabeng tsa molao ha bo sa le nakong. Kahoo, bahoeletsi ka bomong le lihlopha tsa baholo ha baa lokela ho sebetsa litaba tsa molao ba itšetlehile ka boitsebiso bo ka har’a bukana eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela