Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/02 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 8/02 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo e ngoloang ho sa phetloe libuka tse nang le boitsebiso bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa beke ea la 6 May ho ea ho la 19 August, 2002. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e fanoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Jeremia 18:1-6 e bontša hore Jehova o etsa hore batho ba etse lintho tseo ba sa li rateng. [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 4/1 leq. 22 lir. 3-4.]

2. Baprofeta ba bohata ba ile ba utsoa matla le phello ea ho mamela mantsoe a Molimo ka ho khothalletsa batho ho mamela mashano ho e-na le temoso ea ’nete e tsoang ho Molimo. (Jer. 23:30) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 2/1 leq. 4 ser. 3.]

3. Ho Jeremia 25:15, 16, “senoelo sena sa veine ea khalefo” se etsang hore “lichaba tsohle . . . li itšoare joaloka batho ba hlanyang” se bolela phello e thotofatsang ea bolumeli ba bohata. [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 3/1 leq. 20 ser. 13.].

4. Ho latela tsela eo ka eona boprofeta ba Jeremia bo ileng ba sebelisoa ke Matheu, ‘naha ea sera’ e bolela naha ea lefu, eo ho eona ba banyenyane ba ileng ba bolaoa ke Heroda e Moholo ba neng ba tla boela ba phele ka tsoho ea bafu. (Jer. 31:15, 16; Mat. 2:17, 18) [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w80-SU 1/1 leq. 12 ser. 13.]

5. Jeremia 37:21 e fana ka kholiseho ea hore Jehova a ka hlokomela bahlanka ba hae ba tšepahalang ha moruo o putlama. [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 9/15 leq. 3 ser. 4–leq. 4 ser. 2.] .

6. Buka ea Lillo tsa Jeremia e bontša bohloko bo tebileng ba ha Jerusalema e ne e timetsoa ka 607 B.C.E. ke Nebukadnezare, morena oa Babylona. [10, si-SU leq. 130 ser. 1]

7. Lillo tsa Jeremia 5:7 e bontša ka ho hlaka hore Jehova ka ho toba o ahlola bana bakeng sa libe tsa batsoali ba bona. [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/1 leq. 27 lebokose.]

8. Letšoao le phatleng leo ho buuoang ka lona ho Ezekiele 9:4 le bolela hore tsebo ka boeona e tla pholosa motho. [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 14 ser. 18.]

9. “Limpho tseo e leng banna” tse boletsoeng ho Baefese 4:8 ke baholo ba Bakreste, ba khethiloeng ke moea o halalelang ’me ba filoe matla a ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa balumeli-’moho le bona. (Lik. 20:28) [15, w00-SU 8/1 leq. 6 ser. 3]

10. Ho latela tlhaloso ea kajeno ea Ezekiele khaolo ea 23, Boprostanta bo ka tšoantšoa le Oholiba ’me Roma e K’hatholike ea tšoantšoa le ausi oa hae, Ohola. [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 21 ser. 22.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ke baprofeta bafe ba bararo ba neng ba hlahelletse lilemong tse thata ho tloha ka 617 ho ea ho 607 B.C.E., tse ileng tsa qetella ka ho timetsoa ha Jerusalema? [12, si-SU leq. 133 ser. 2]

12. Ho arabela memo e ho Luka 9:23, kananelo ea sebele bakeng sa sehlabelo sa thekollo sa Kreste e bonahatsoa joang? [1, w00-SU 3/15 leq. 8 ser. 1]

13. Ke ka tsela efe Jehova a ileng a ‘thetsa’ Jeremia? (Jer. 20:7) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/1 leq. 31 ser. 6.]

14. Jesu o ne a bolela’ng ha a re moea o halalelang ‘o tla le ruta lintho tsohle ’me o le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona’? (Joh. 14:26) [4, w00-SU 4/1 leq. 8 lir. 7-8]

15. Ho latela Jeremia 35:18, 19, ke tšepo efe eo sehlopha sa kajeno sa Barekabe se nang le eona? [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona su-SU leq. 131 ser. 7.]

16. Ke ka tsela efe Banefilime e neng e le ‘banna ba matla’ le “ba tummeng”? (Gen. 6:4) [6, w00-SU 4/15 leq. 27 ser. 9]

17. Baruke o ile a lahleheloa ke ho leka-lekana ha hae moeeng joang, hona re ka ithuta eng phihlelong ea hae? (Jer. 45:1-5) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 8/15 leq. 21 lir. 14-16.]

18. Boprofeta ba Jeremia 50:38 bo ile ba phethahatsoa neng, hona joang? [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona dp-SU leq. 150 lir. 2-3.] 19. Ho latela Lillo tsa Jeremia 1:15, qetello ea Jerusalema, “morali oa Juda oa moroetsana,” e ne e bolela’ng bakeng sa Bokreste-’mōtoana? [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/1 leq. 27 lebokose.]

20. Polelo e tlalehiloeng ho Ezekiele 21:26 e reng “Rōla tuku, u rōle moqhaka” e bolela’ng? [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 19 ser. 16.]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Motho ea inyenyefatsang o lula ka har’a ........................ ea ........................ bo botle ’me o lumela hore ho na le........................ mabapi le seo a lokelang ho se etsa le seo a khonang ho se etsa. (Mik. 6:8) [2, w00-SU 3/15 leq. 21 lir. 1-2]

22. Le hoja moea o halalelang o ka ’na oa se ke oa tlosa ........................ kapa ........................ , o ka re thusa ho li ........................ . (1 Bakor. 10:13; 2 Bakor. 4:7) [4, w00-SU 4/1 leq. 11 ser. 6]

23. Moprofeta Daniele o ile a hlokomela mangolong a Jeremia hore ho etsoa lesupi ha Jerusalema ho ne ho tla nka ........................ ; ho nepahala ho tsotehang ha sena ho matlafatsa tumelo matleng a Jehova a ........................ . (Jer. 25:12; Dan. 9:2) [9, si-SU leq. 129 ser. 37]

24. Buka ea Lillo tsa Jeremia e lokela ho susumetsa ........................ le ........................ ho barapeli ba ’nete ’me e fane ka temoso e ........................ ho ba hlokomolohang Jehova Molimo. [11, si-SU leq. 132 ser. 13]

25. Mohlala oa Abrahama oa ho ba ea tenyetsehang ha a rarolla phapang ke khothatso ho rōna hore re se lumelle ........................ kapa ........................ ho senya kamano ea rōna ea bohlokoa le barab’abo rōna. (Gen. 13:5-12) [16, w00-SU 8/15 leq. 24 lir. 3-4]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Jobo o ne a nka (tsebo ea; mohau oa; kahlolo ea) Jehova e le (ea; oa) bohlokoa ka lebaka leo, a sebetsana le bahlanka ba hae ka (temoho; mosa; toka). (Jobo 31:13, 14) [3, w00-SU 3/15 leq. 26 ser. 1]

27. Ho Jeremia 16:2-4, moprofeta o ile a laeloa hore a lule e le lesoha e le ho (bonahatsa moea oa hae oa boitelo; tšoantšetsa tsela ea Mesia ea ho lula e le lesoha; tiisa bonnete ba lentsoe la Jehova mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema). [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w78-SU 5/15 leq 16 ser. 7 (w78 4/15 leq. 31 ser. 2).]

28. Ho Liproverbia 4:7, bohlale bo bolela ho (tloaelana le taba; bona hore na lintlha li amana joang; sebelisa tsebo le kutloisiso). [7, w00-SU 5/15 leq. 21 ser. 1]

29. Ha ho motho ea ka tiisang hore na pele lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang ka Seheberu hobane Seheberu sa Bibele pele se ne se ngoloa ka (lilumi feela; lilumisoa feela). [6, rs-SU leq. 185 ser. 2]

30. Koloi ea Molimo e hlalositsoeng ho Ezekiele khaolo ea 1 e emela (’Muso oa Molimo oa Bomesia; mokhatlo o hlophisitsoeng oa moea oa mangeloi a Jehova; puisano ea Jehova le masala). [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 11 ser. 5.]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Deut. 7:25, 26; Liprov. 4:18; 5:21; Jer. 46:28; Bar. 15:4

31. Taelo ena e fana ka mohlala oa kamoo batho ba Jehova ba lokelang ho talima litšoantšo leha e le life tseo pele e ka ’nang eaba ba ne ba li hlompha ka borapeli. [1, rs-SU leq. 267 ser. 3]

32. Tsela e khethehileng eo Jehova a fanang ka matšeliso ka eona ke ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, le tšoereng tšepo e hlollang bakeng sa ka moso. [5, w00-SU 4/15 leq. 5 ser. 4]

33. Taeo ea batsoali ha ea lokela ho tlōla meeli e loketseng kapa ho fetela ka ’nģane ho se reriloeng bakeng sa ho khalemela le ho ruta. [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona kl-SU leq. 148 ser. 20.]

34. Kaha Jehova o nolofalletsa bahlanka ba hae hore ba utloisise butle-butle merero ea hae, tsebo e eketsehileng hangata e hloka hore motho a lokise monahano oa hae. [10, rs-SU leq. 252 ser. 4]

35. Ketso leha e le efe ea boitšoaro bo sa hloekang ba ho kopanela liphate, ho sa tsotellehe hore na e sephiring hakae, ha ea pateha mahlong a Molimo. [14, w00-SU 7/15 leq. 31 ser. 3]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela