Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/02 leq. 11
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 10/02 leq. 11

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, ’me u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, u ka ba tsamaisetsa buka e ’ngoe ho tsa khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Liphutheho tse nang le buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo setokong li ka ’na tsa e tsamaisa.

◼ Tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho kenyelelitsoe “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 2003” ’me e lokela ho bolokoa e le hore e ka sebelisoa selemong sohle sa 2003.

◼ Haeba nako ea liboka tsa phutheho ea lōna e tla fetoha ka la 1 January, mongoli oa phutheho o lokela ho tsebisa ofisi ea lekala ka liphetoho tseo ka ho romela foromo ea Congregation Meeting Information (S-5). Haeba ho hlokahala, ho ka odaroa limemo tse ncha ka ho romela foromo ea Kōpo ea Limemo (S-16). Limemo li lokela ho odaroa bonyane libeke tse robeli pele ho nako eo li tla hlokoa ka eona.

◼ Hangata ofisi ea lekala e romela balebeli ba tsamaeang mangolo ka molebeli ea okamelang oa phutheho eo ba e etetseng kapa eo ba tla e etela haufinyane. Mangolo ana ke a litaba tsa lekunutu. Balebeli ba tsamaeang ba tlaleha hore ka linako tse ling ba amohela mangolo a butsoeng e se ka morero. Hore sena se se ke sa etsahala, balebeli ba okamelang ba lokela ho hlokomela hore na mangolo ’ohle ao ba a amohelang ke a bo-mang pele ba a bula. Haholo-holo ba lokela ho ba hlokolosi ha nako ea hore phutheho e eteloe ke molebeli ea tsamaeang e atamela. Molebeli ea tsamaeang o lokela ho fuoa mangolo ’ohle a hae a sa buloa kapele kamoo ho ka khonehang.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara temana ea selemo ea 2003 ha li odara lingoliloeng ka October. Ka kōpo hlokomelang phetoho ena e latelang: Litemana tsa selemo li lokela ho odaroa ka “Order Form for 2003 Yeartext” e rometsoeng phuthehong ea lōna. E tla romeloa hafeela phutheho ea lōna e rometse R22,00 bakeng sa temana ka ’ngoe ea selemo. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara temana e le ’ngoe feela ea selemo bakeng sa puo ka ’ngoe. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho li fanyehe temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2003.

◼ Ka kōpo hlokomelang liphetoho tse latelang linomorong tsa rōna tsa fax ho tloha ka la 1 October, 2002:

Literature (011-761-1207)

Service Department (011-761-1433)

Ka kōpo hlokomelang hore fax e lokela ho romeloa feela tlas’a boemo ba tšohanyetso. Re khothalletsa bohle hore ba tsoele pele ho romela liodara tsa bona tsa lingoliloeng, litlaleho tsa phutheho le lipotso ka poso.

◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Respect Jehovah’s Authority—Puo ea Matsoho ea Amerika, Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela