Ho Ananela Kaho ea Liholo Tsa ’Muso
1 E bile ho thabisang ho bona kamoo kaho ea Liholo Tsa ’Muso e tšehelitsoeng ka cheseho kateng selemong se fetileng. Re leboha Likomiti Tsa Kaho ea Libaka tse 25 le baithaopi ba likete ba ileng ba sebetsa ka thata mererong ena. Re boetse re leboha liphutheho tseo ka lerato li thusitseng liphutheho tse nyenyane ho haha liholo tsa tsona ka lichelete kapa ka ho sebetsa kahong.
2 Liphutheho tse ling tse 17 tse ileng tsa nehela liholo tsa tsona tse ncha ka July le August, ke: Moletjie, Makantane, Xihoko le Nzhelele (Profinseng ea Limpopo); Caguba (Port St. Johns); Corana (Umtata); Mathibestat (ka leboea ho Pretoria); Bakerville (Lichtenburg); Montshiwa West le Lonely Park (Mafikeng); Tseoge le Morokweng (ka leboea ho Vryburg); Kagung (Kuruman); Machache, Quthing le Makaung (Lesotho); le Ladybrand (Foreisetata).
3 Re sa ntse re emetse tlaleho ea ho qetela ea palo ea liholo tsohle tse nehetsoeng selemong sa tšebeletso sa 2002. Ho fihlela joale lipalo tsa rōna li bontša hore ka mosebetsi oa lōna le thusitse liphutheho tse 53 tse nang le bahoeletsi ba 2 878 ho fallela libakeng tse ntle tsa borapeli. Ho hlakile hore batho ba makholo ba thahasellang le bona ba tla rua molemo libakeng tsena tseo ho kopaneloang ho tsona. Hoa hlolla ho bona kamoo moea oa Jehova o matlafalitseng baithaopi ba bangata hore ba phethe mosebetsi ona o moholo oa boithaopo. Kaofela ha rōna re thabela tsoelo-pele e entsoeng ’me rea tseba hore ba maholimong le bona ba thabela katoloso ena ea ’Muso.
4 U ka etsa eng kahong ea Liholo Tsa ’Muso selemong see sa tšebeletso sa 2003? Na setho se seng sa lelapa, kapa mohlomong lelapa kaofela le ka tšehetsa Komiti ea Kaho ea Libaka ea sebakeng sa heno? Haeba ha u e-s’o etse joalo, kōpa liforomo tsa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82) ho mongoli oa phutheho ’me u li tlatse ka bobeli ebe u li khutlisetsa ho baholo. Re khothalletsa e mong le e mong ea sebetsang kahong ea Liholo Tsa ’Muso ho tšoara a tiile, ’me re boetse re leboha bohle ka boitelo ba bona ho sena. Haeba Jehova a rata re lebeletse selemo se seng se ikhethang sa kaho ea liholo tse hlokahalang haholo.