Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 11 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Tsoha! ea November 8 le Molula-Qhooa oa November 15 kateng ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong e ’ngoe, hlalosa kamoo mosebetsi oa rōna oa lefatše ka bophara o tšehetsoang kateng ka lichelete.—Bona Molula-Qhooa leqepheng la 2 kapa Tsoha! leqepheng la 5.
15 mets: Batšehetsi ba Borapeli ba ’Nete—Nakong e Fetileng le Kajeno. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 1, 2002, leqepheng la 26-30.
20 mets: “Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho.”a E fanoe ke moholo eo e leng molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho. Ha le tšohla serapa sa 3, kopanyelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 70. Babatsa phutheho ka litsela tse tobileng tseo e tšehetsang tokisetso ea thuto ea buka ka tsona, ’me ka mosa u e hlokomelise ka likarolo leha e le life tseo e ka ntlafatsang ho tsona.
Pina ea 114 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba Tsa Puso ea Molimo.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo ea tšoanelehang.
25 mets: “Lihlooho Tsa Malapa—E-bang le Kemiso e Hlophisehileng ea Lintho Tsa Moea.” Ka mor’a puo e khutšoanyane ea selelekela e thehiloeng serapeng sa 1-3, buisana le bamameli ka serapa sa 4-13. Haeba nako e lumela, bala serapa sa 7, 8, 11 le 12. Akarelletsa le puisano ka lipotso le motsoali a le mong kapa ba babeli. Ke’ng se thusitseng malapa a bona ho ba le kemiso e hlophisehileng ea lintho tsa moea? See se ile sa hloka boiteko bofe? Ba ile ba rua molemo joang? Phetha ka litlhaloso tse khutšoanyane tse nkiloeng serapeng sa 14.
Pina ea 31 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Banyalani ba sebetsang hammoho tšebeletsong ea tšimo ba etsa pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang litlhahiso tse leqepheng la 8 tsa ho fana ka makasine oa December 1 le oa December 8. Monna o buella Molula-Qhooa, ’me mosali o buella Tsoha!
15 mets: “Tsebahatsa ’Nete e Mabapi le Jesu.”b Akarelletsa le litlhaloso tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 278. Khothalletsa bohle hore ba tle le buka eo Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang bakeng sa puo e reng “Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa.”
20 mets: “Bontša Thahasello e Lerato ho ‘Bashanyana ba se Nang Bo-ntate.’” Qala ka puo ea metsotso e meraro e mabapi le kamoo Jehova a talimang kateng bashanyana le banana ba se nang bo-ntate, e thehiloeng serapeng sa 1 le ho Insight, Moqolo 1, leqepheng la 816. Tšohla karolo e setseng ea sehlooho sena u sebelisa lipotso le likarabo. Totobatsa litsela tse sebetsang tseo ka tsona ba bang ba ka fanang ka thuso le khothatso. Ha le tšohla serapa sa 3-4, akarelletsa le litlhaloso tse khutšoanyane tse nkiloeng Tsoheng! ea October 8, 1995, leqepheng la 8-9.
Pina ea 142 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 2 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fa molebeli oa bona oa thuto ea buka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa November. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Fana ka tlaleho ea se finyelletsoeng ’me u phete liphihlelo leha e le life tse thahasellisang. Ka bokhutšoanyane hlahloba nehelano e ka sebelisoang ha ho nehelanoa ka buka ea Motho e Moholo.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1998, leqepheng la 8.
12 mets: Litlhoko tsa phutheho.
23 mets: “Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa.” Molebeli oa sekolo o lokela ho buisana le bamameli. Leotsa thahasello bakeng sa lenaneo le lecha la sekolo, le tla qala ka January. Lebisa tlhokomelo lintlheng tse totobalitsoeng “Kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 2003,” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2002. Hlalosa hore na ho hlokahala eng hore motho a ngolise sekolong, joalokaha ho bontšitsoe bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 282, ’me u khothalletse ba e-song ho ngolise hore ba ngolise haeba ba tšoaneleha.
Pina ea 127 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.