Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/02 maq. 3-4
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 12/02 maq. 3-4

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo e ngoloang ho sa phetloe libuka tse nang le boitsebiso bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa beke ea la 2 September ho ea ho la 23 December, 2002. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e fanoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ho thuisa ka litšoaneleho tsa Jehova tse babatsehang ke mohato oa bohlokoa ho atameleng haufi le eena. (Pes. 143:5) [2, w00-SU 10/15 leq. 4 ser. 6]

2. Ho kopanngoa ha lithupa tse peli tseo ho buuoang ka tsona ho Ezekiele 37:15-24 ho tšoana le ho ileng ha etsahala mehleng ea kajeno ka 1919 ha batlotsuoa ba tšepahalang ba kopanngoa tlas’a Kreste “morena a le mong” le “molisa a le mong” oa bona. [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 25 ser. 13.]

3. Le hoja bahlahlobisisi ba Bibele ba ile ba belaella histori ea buka ea Daniele, lintho tsa khale tse epollotsoeng ka lilemo li lokisitse lipelaelo tsa bona. [6, si-SU leq. 138 ser. 4]

4. Ha re utloa taba ka mohloli o phahameng kapa ka motho ea ipolelang hore o tseba haholo, e ka ba ho sa utloahaleng ho nka hore ke ea bohata. [7, w00-SU 12/1 leq. 29 lir. 7-8]

5. Polelo “baprofeta ba banyenyane” e hlalosa ka nepo libuka tse 12 tse qetellang Mangolo a Seheberu tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo. [9, si-SU leq. 143 ser. 1]

6. Amose e ne e le e mong oa “bara ba baprofeta” ha Jehova a mo bitsa ’me a mo roma ho ea profeta Juda le Iseraele. (2 Mar. 2:3) [11, si-SU leq. 148 ser. 1]

7. Obadia 16 e bolela esale pele ka ho timetsoa ha sechaba sa Edomo ka lebaka la lehloeo la sona ho Juda. (Obad. 12) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 4/15 leq. 30 lebokose.]

8. ‘Puo e hloekileng’ eo ho buuoang ka eona ho Sofonia 3:9 e akarelletsa kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ka Molimo le ka merero ea hae. [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w01-SU 2/15 leq. 27 ser. 18.]

9. Lebaka leo Jesu a ileng a imeloa maikutlong ka lona ha a le serapeng sa Gethesemane ke hobane o ne a amehile ka hore ebe ho shoa ha hae joaloka senokoane se nyelisehang ho ne ho tla ama Jehova le lebitso la Hae le halalelang joang. (Mat. 26:38; Luka 22:44) [4, w00-SU 11/15 leq. 23 ser. 1]

10. Ho latela boprofeta, “Mofilista” ea bang “joaloka moeta-pele Juda” ea hlalosoang ho Zakaria 9:6, 7, o tšoantšetsa linku tse ling tsa kajeno tse koetlisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le tse fuoang matla a bolaoli ha ho hlokahala. (Mat. 24:45) [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 7/1 leq. 23 ser. 14.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Boikarabelo ba rōna ba ho bolela bo ka bapisoa joang le ba Ezekiele ba ho ba molebeli? (Ezek. 33:1-11) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 1/1 leq. 28 ser. 13.]

12. Ho bonoe eng mehleng ea kajeno e tšoanang le e ponong ea Ezekiele ea masapo a omeletseng? (Ezek. 37:5-10) [3, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 24 ser. 12.]

13. Ke bopaki bofe bo kholisang ka ho fetisisa hore buka ea Zakaria e bululetsoe ke Molimo? [16, si-SU leq. 169 ser. 5]

14. Motse o ponong ea Ezekiele o emela eng? (Ezek. 48:15-17) [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w99-SU 3/1 leq. 18 ser. 22.](2 Pet. 3:13)

15. Motheong oa Esaia 2:2-4 ho ka bontšoa joang hore se etsahalang kajeno Iseraele hase phethahatse boprofeta ba Bibele ka ho khetheha? [7, rs-SU leq. 41 ser. 4]

16. Re ka ithuta thuto efe tseleng eo Daniele a ileng a itšoara ka eona ha morena a ntša taelo e reng ho se ke ha rapeloa molimo kapa motho leha e le ofe haese eena feela ka matsatsi a 30? (Dan. 6:7-10) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona dp-SU leq. 125 lir. 25-8.]

17. Masala a bile joaloka tau har’a lichaba ha a phatlalatsa molaetsa ofe oa Jehova? (Mik. 5:8) [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w82-SU 1/1 leq. 23 ser. 10.]

18. Mantsoe a ho Habakuke 3:14 a reng “ka melamu ea hae u hlabile lihlooho tsa bahlabani” a bolela eng? [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w00-SU 2/1 leq. 22 ser. 15; w82 1/15 leq. 30 lir. 5-6.]

19. Ho sebelisoa ha lentsoe “mohlomong” ho Sofonia 2:3 ho bontša’ng? [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w01-SU 2/15 leq. 19 ser. 8.]

20. Ho ea ka Zakaria 8:6, Jehova o finyeletse joang se neng se ka ’na sa bonahala se le thata haholo ponong ea batho, lilemong tsa ho tloha ka 1919? [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 1/1 leq. 16 lir. 18-19.]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Re bua le Jehova ka ........................ , e leng ho bua le Molimo ka tsela e bontšang tlhompho; ka lehlakoreng le leng, tsela e ka sehloohong eo a buang le rōna ka eona ke ka ........................ (Pes. 65:2; 2 Tim. 3:16) [2, w00-SU 10/15 leq. 5 lir. 2-3]

22. Jesu Kreste a ka khetholloa e le Mikaele ka ho bapisa Juda 9 le 1 Bathesalonika 4:16 (Bibele ea Sesotho), moo taelo ea Jesu Kreste ea hore tsoho e qale e hlalosoang e le ........................ ; ho feta moo, lebitso Mikaele le bolela “........................ ,” ka ho hlakileng le khetholla Jesu e le ea etellang pele ho phahamiseng borena ba Jehova le ho timetseng lira tsa Molimo. [4, rs-SU leq. 198 lir. 3-4]

23. Ho ile ha “tsoa lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe ’me e hahuoe hape” ka ........................ ., ha tšoaea ho qaleha ha libeke tse 69 tsa lilemo, tse ileng tsa fela ha Mesia a hlahella ka ........................ (Dan. 9:25) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona dp-SU leq. 190 ser. 20–leq. 191 ser. 22.]

24. Joele 2:31, e buang ka ho fifala ha letsatsi, e tsamaisana le Matheu 24:29, 30, moo ........................ a buang ka nako ea ho tla ha hae ka ........................ e le Mor’a motho. [10, si-SU leq. 147 ser. 13]

25. Boprofeta ba ........................ bo mabapi le Assyria le motse-moholo oa eona ........................ , bo phahamisa toka ea Jehova le boholo ba hae ’me bo re tiisetsa hore Jehova o tla phethahatsa toka ho bohle ba khopo. [14, si-SU leq. 160 ser. 11]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Buka ea Ezekiele e hatisa hore Jehova (o fana ka seatla se bulehileng; o ikokobelitse; oa halalela) ’me e tsebahatsa hore (ho ntlafatsa botho ba motho; ho halaletsoa ha lebitso la Jehova; ho ba moahelani ea molemo) ke habohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. [5, si-SU leq. 137 ser. 33]

27. Ezekiele, ea phetseng ka nako e tšoanang le Daniele, o tiisa hore Daniele e ne e le motho oa sebele, o mo thathamisa le (Noe le Jobo; Moshe le Joshua; Elia le Elisha). [6, si-SU leq. 138 ser. 2]

28. Tumellanong le Daniele 2:34, 35, 45, lejoe le otlang setšoantšo le ho se silakanya le emela (Armagedone; melaetsa e matla ea kahlolo e phatlalatsoang ke batho ba Molimo; ’Muso oa Bomesia). [7, si-SU leq. 142 lir. 20, 23]

29. Sechaba sa litsie tsa tšoantšetso seo ho buuoang ka sona ho Joele 1:4-6 se emela (sechaba sa Iseraele; Bakreste ba tlotsitsoeng; mabotho a Baroma). (Lik. 2:1, 14-17) [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 5/1 leq. 9 ser. 9.]

30. ‘’Muso oa Mora oa hae ea ratoang’ oo ho buuoang ka oona ho Bakolose 1:13 ke (’Muso oa Bomesia; puso ea Kreste holim’a phutheho ea Bokreste ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele; Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete). [14, rs-SU leq. 342 ser. 6]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Hos. 6:6; Joele 2:32; Zak. 4:6, 7; 13:3; Bar. 12:2

31. Ha rea lokela ho lumella monahano oa rōna hore o fetoloe ke litekanyetso tsa setso kapa tsa lefatše tsa tsamaiso ena ea lintho.[3, w00-SU 11/1 leq. 21 ser. 5]

32. Molimo ha a khahloe ke bongata ba mahlabelo a etsoang ka tloaelo feela, empa o khahloa ke ho bonahatsoa ha lerato le tšepahalang le susumetsoang ke tsebo. [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona si-SU leq. 145 ser. 16.]

33. Ho tseba, ho hlompha le ho itšetleha ka lebitso la Molimo hoa hlokahala bakeng sa poloko. [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 3/15 leq. 30 lebokose.]

34. Morero oa Molimo ha o finyelloe ka matla a botho empa o finyelloa ka tšebetso ea moea oa hae, o nolofalletsang bahlanka ba hae ho hlōla litšitiso tse kang thaba le ho mamella ho tsoela pele ba mo sebeletsa. [16, si-SU leq. 168 ser. 2]

35. Botšepehi bo khethollang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova bo phahametse kamano leha e le efe eo batho ba bang le eona, joaloka ea batho ba amanang haufi. [17, si-SU leq. 171 ser. 24]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela