Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Liphutheho tse nang le buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo setokong li ka ’na tsa e tsamaisa. February le March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso selemong sa 2004 se tla ba ka Sontaha sa la 4 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena e le hore barab’abo rōna ba ka beheletsa liholo kapa ba etsa kōpo ea ho li sebelisa haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho tlameha hore ho fumanoe libaka tse ling. Baholo ba lokela ho lumellana le baokameli, ba kholisehe hore ha ho na ho ba le litšitiso tse bakoang ke litšebeletso tse ling tse etsetsoang mohahong oo e le hore mokete oa Sehopotso o tsoele pele ka khotso le ka tsela e laolehileng. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo ena, ha sehlopha sa baholo se khetha sebui sa Sehopotso, se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholoanyane ho e-na le hore feela ba chenchane kapa ba sebelise mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Haeba ho e-na le moholo oa motlotsuoa ea tšoanelehang ea ka fanang ka puo, ho lokela ho khethoe eena.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kenya kōpo ea limemo tsa sehopotso bakeng sa 2003 ha li kenya odara ea libuka ka December. Limemo li fumaneha ka puo ea Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho koptjoa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo odarang limemo tsena ka bohlale hobane li etselitsoe feela ba thahasellang, eseng batho bohle.
◼ Liphutheho tse e-song ho odare likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Cards li lokela ho etsa joalo odareng ea tsona ea libuka ea December. Ka kōpo odarang ka lihlopha tsa tse 20. Le se ke la nehelana ka likarete tsena. Li bolokeng ho fihlela le fumana litaelo tse eketsehileng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
◼ Ho qala ka la 1 January, 2003, Molula-Qhooa ka puo ea Seluvale o tla fumaneha habeli ka khoeli.
◼ Ho entsoe phetoho tseleng eo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se tlang ho tsamaisoa ka eona nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho. Ho qala ka January 2003, ka mor’a pina le thapelo e bulang, sekolo se tla tšoaroa ka metsotso e ka bang 25. Ho tla ba le puo ea metsotso e mehlano ea litšobotsi tsa puo, puo ea taeo ea metsotso e leshome le lintlha tse khōlō tsa ’malo oa Bibele ka metsotso e leshome. Ha ho na ho ba le puo ea No. 2, 3 le 4. Sekolo se tla lateloa ke Seboka sa Tšebeletso sa metsotso e 30. Ka mor’a pina, molebeli oa potoloho o tla fana ka puo ea metsotso e 30, ebe ho latela pina le thapelo e koalang.