Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/03 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 13 January
  • Beke e Qalang ka la 20 January
  • Beke e Qalang ka la 27 January
  • Beke e Qalang ka la 3 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 1/03 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 13 January

Pina ea 69

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. E-ba le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Tsoha! ea January 8 le Molula-Qhooa oa January 15 kateng, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela.

15 mets: Na U Hlahloba Mangolo Kamehla? Puo le puisano le bamameli. Khothalletsa bohle ho sebelisa hamolemo Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2003. Tšohla lintlha tse hlahang selelekeleng, leqepheng la 3-4. Fana ka litlhahiso tsa kamoo malapa a ka hlahlobang temana hammoho kateng. E le ho bontša melemo ea ho hlahloba temana ea letsatsi ka leng, etsa mohlala ka litlhaloso tsa litemana tse peli kapa tse tharo tse tlil’o tšohloa khoeling e latelang. Akarelletsa le pontšo e khutšoanyane ea monna le mosali ba hlahloba temana ea kajeno le tlhaloso ea eona ba le hammoho.

20 mets: “Ho Phelela Boinehelo ba Rōna.”a Ka mor’a ho tšohla serapa sa 3, ka bokhutšoanyane buisana le mocha ea seng a tiile kapa ea ka tlaasana ea seng a kolobelitsoe. Ke liteko life tseo a thulaneng le tsona haesale a kolobetsoa? Ke’ng se mo thusitseng ho sebetsana ka katleho le liteko tseo? O ruile molemo joang ka ho nehela bophelo ba hae ho Jehova?

Pina ea 22 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 January

Pina ea 44

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

22 mets: “Ruta ba Bang Puo e Hloekileng.”b Ka mor’a ho hlahloba serapa sa 6, kōpa mohoeletsi ea tšoanelehang ho bontša kamoo a ka qalisang thuto ea Bibele kateng a bua a eme monyako ha a etsa leeto la ho boela, a sebelisa e ’ngoe ea linehelano tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002, leqepheng la 4. Akarelletsa le ho hlahloba serapa bukaneng ea Seo a se Hlokang. E-re mohoeletsi a phethele ka ho phahamisa potso serapeng se latelang ’me a lokisetse ho e arabela ketelong e latelang. Khothalletsa bohle ho hlahloba haeba ba bang ba batho bao ba ba etelang ba ka thabela ho ithuta Bibele ka tsela ena.

15 mets: Ho re Thusa ho Mamela Molao oa Molimo Tabeng ea Mali. Puo ka moholo ea tšoanelehang, e thehiloe kemisong ea puo e fanoeng ke ofisi ea lekala. Mongoli o lokela ho ba le lenane le lekaneng la tse latelang bakeng sa ho abjoa: Advance Medical Directive/Release card le Identity Card. Litokomane tsena li tla fuoa bahoeletsi ba kolobelitsoeng ka mor’a seboka sa kajeno, empa HA LIA lokela ho tlatsoa mantsiboeeng ana. Likarete tsena li ka saenoa ke beng ba tsona, tsa saenoa ke lipaki, ’me tsa ngoloa letsatsi sebokeng se latelang sa Thuto ea Buka ea Phutheho, moo molebeli oa thuto ea buka a tlang ho thusa ha ho hlokahala. Ba saenang e le lipaki ba lokela hore ba hle ba bone ha mong’a tokomane a e saena. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla likarete tsa bona tse nang le lintlha tse tataisang bakeng sa bona le bana ba bona ba sebelisa puo e litokomaneng tsena ho e amahanya le maemo a bona le seo ba se lumelang.

Pina ea 68 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 January

Pina ea 92

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fa balebeli ba bona ba thuto ea buka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Lokisetsa lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February 8 kateng, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, e-re mohoeletsi a qetele ka ho fa mong’a ntlo pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?—ho ea amohelang limakasine le ho ea sa li amoheleng. Ka bokhutšoanyane hlalosa kamoo ho ka khutleloang ho ba sietsoeng limakasine ha re siea pampitšana.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2001, leq. 4, ser. 10.

15 mets: Ho ba Hapa ka Ntle ho Lentsoe. Puo le puisano le bamameli. Boitšoaro bo botle ba Bokreste bo fana ka bopaki bo matla. Bo entse hore balekane ba bang ba neng ba sa lumela ba fetohe barapeli ba Jehova. (1 Pet. 3:1, 2) Pheta liphihlelo tse fumanoang ho Molula-Qhooa oa January 1, 1999, leqepheng la 4; Molula-Qhooa oa October 1, 1995, maqepheng a 10-11; le Buka ea Selemo ea 1995, leqepheng la 46. Lokisetsa esale pele hore ba babeli kapa ba bararo ba hlalose liphello tse ntle tseo ba li lemohileng ka lebaka la ho latela keletso ea Bibele tabeng ena.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina ea 124 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 3 February

Pina ea 9

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba Lebokose la Lipotso. Khothalletsa bahoeletsi ho sebelisa foromo ea Please Follow Up (S-43) ha ba kopana le sethōlō kapa batho ba buang Sepotoketsi kapa ba buang puo e ’ngoe esele, joalokaha ho hlalositsoe lengolong le eang ho liphutheho tsohle la la 1 June, 2000. Ka hona, foromo ena e lokela ho sebelisetsoa morero ona esita le haeba motho a sa bontše ho thahasella molaetsa oa ’Muso.

12 mets: Etsisa Tumelo ea Bona. Buisana le moholo ea sebelelitseng Jehova ka boikokobetso le ka botšepehi ka lilemo tse ngata. (Baheb. 13:7) O ile a ithuta ’nete joang? O ile a tlameha ho hlōla litšitiso life hore a emele ’nete? O thusitsoe ke litokisetso life tsa moea kapa khothatso efe hore a tsoele pele? O ile a etsa’ng hore a tšoanelehe ka phuthehong? (1 Tim. 3:1) Ke’ng e mo thusitseng ho leka-lekanya boikarabelo ba hae ka phuthehong, mosebetsing le litlamo tsa lelapa? (1 Tim. 5:8) O ikutloa joang ka tokelo ea ho thusa ba bang ka phuthehong?

18 mets: “Mosebetsi o Hlokang Boikokobetso.”c Ha le tšohla serapa sa 3, kōpa bamameli ho fana ka litlhahiso tsa kamoo ho ka arabeloang kateng haeba e mong tšimong a leka ho re soma kapa a re hlokela mosa, a pheha khang, kapa a re halefela. Ha le tšohla serapa sa 4, akarelletsa le litlhaloso tse ho Insight, Volume 1, leqepheng la 1160, serapeng sa 3.

Pina ea 133 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela