Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 10 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video ea Faithful Under Trials—Jehovah’s Witnesses in the Soviet Union, e le ho lokisetsa karolo e tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 24 February. Libakeng tsa mahae baholo ba lokela ho leka ka matla ho bontša malapa a se nang mechine ea ho bapala video, video ena. Sena se ka etsoa ka hore video ena e bontšoe Holong ea ’Muso mantsiboeeng a mang ao e seng a liboka kapa ka mor’a thuto ea buka. Leha ho le joalo, video ena ha ea lokela ho nkela puo ea phatlalatsa sebaka. Liphutheho tse mahaeng tseo ho ke keng ha e-ba bonolo ho tsona hore li fumane mochine oa ho bapala video ena li ka sebelisetsa nako ena litlhoko tsa phutheho. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tse etsoang ke batho ba fapaneng tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 15 le Tsoha! ea February 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho fanoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.
35 mets: “Bolela ’me U Fane ka Bopaki bo Phethahetseng.”a E fanoe ke molebeli oa sekolo. Khothalletsa bohle ba ka khonang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April. Kōpa ba neng ba bula maliboho nakong e fetileng ea Sehopotso hore ba fane ka litlhaloso. Ba ile ba etsa litokisetso tsa ho bula maliboho joang? See se ile sa hloka hore ba etse boiteko bofe le liphetoho life? Ba fumane thabo le litlhohonolofatso life? Hlahloba kemiso e fanoeng e le mohlala e leqepheng la 4. Etsa tsebiso ea hore liforomo tsa bopula-maliboho bo thusang li tla fumaneha ka mor’a liboka.
Pina ea 30 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Hlahloba nehelano ea lingoliloeng bakeng sa March. Bolela tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli tsa ho tsamaisa buka ea Tsebo, u sebelisa lintlha tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002. Hatisa pakane ea ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele.
35 mets: “Ho Rua Molemo ka ho Feletseng Kopanong ea Setereke ea ‘Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.’” E fanoe ke mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Ka mor’a kenyelletso ea motsotso, buisana le bamameli ka lenaneo la kopano ea setereke, u sebelise lipotso tse fanoeng sehloohong. Arola nako ea hao ka hloko. Ho ka fanoa ka litlhaloso tse khutšoanyane ho hopotsa bamameli lintlha tsa sehlooho. Moo ho loketseng, botsa bamameli hore na ba sebelisitse lintho tseo ba ithutileng tsona joang le hore na ke melemo efe eo ba e fumaneng ka ho etsa joalo.
Pina ea 57 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tse etsoang ke batho ba fapaneng tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho fanoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.
10 mets: “Thuso ka Nako e Loketseng.” Puo ka moholo. Totobatsa kameho e lerato ea Jehova ka batho ba hae ka boiteko bo khethehileng bo etsoang ho thusa ba seng ba sa tsoe kamehla.
25 mets: “Video e Tla U Beha Leseling le ho U Susumetsa!” Buisana hang-hang le bamameli ka video ea Faithful Under Trials, u sebelisa lipotso tse fanoeng. Arola nako ea hao ka hloko e le ho lumella hore ho be le litlhaloso tse ’maloa potsong ea ho qetela. Qetella ka ho bala lebokose le leqepheng la 192 la Buka ea Selemo ea 2002.
Pina ea 56 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 3 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Na U ka Bula Lehae la hao?” Puo ka molebeli oa thuto ea buka. Akarelletsa litlhaloso tse hlahang Mabokoseng a Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2001 le ea February 1990. Bolela hore na lihlopha tsa thuto ea buka li kae phuthehong ea lōna le hore na ka karolelano ho tla batho ba bakae. E re mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose kamoo malapa a bona a ruileng molemo ka hore ebe thuto ea buka e tšoareloa malapeng a bona. Mang le mang ea ka ratang hore lehae la hae le sebelisoe e le sebaka seo ho ka tšoareloang thuto ea buka ho sona a ka tsebisa molebeli ea okamelang.
20 mets: “Ke Eng eo U e Etelletsang Pele Bophelong ba Hao?”b Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose kamoo ba khonneng ho fetola maemo a bona e le hore ba ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong.
Pina ea 127 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.