Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/03 leq. 2
  • Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 March
  • Beke e Qalang ka la 17 March
  • Beke e Qalang ka la 24 March
  • Beke e Qalang ka la 31 March
  • Beke e Qalang ka la 7 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 3/03 leq. 2

Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 March

Pina ea 5

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 15 le Tsoha! ea April 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho fanoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.

15 mets: Tsela ea ho Beha Mabaka ka Mangolo. Puisano le bamameli. Re ka ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho behela batho mabaka joang ka katleho tšebeletsong? (1) E-ba le tsebo ea Mangolo e nepahetseng ka thuto ea botho ea kamehla le ho ba teng libokeng. (2) Thuisa ka seo u ithutang sona, u hlahlobe linnete ka litsela tse sa tšoaneng. (3) U se ke ua batla litlhaloso tsa mangolo feela empa u batle le mabaka a Mangolo a li tšehetsang. (4) Nahana kamoo u ka hlalosetsang batho ba mefuta e sa tšoaneng mangolo. (5) Nahana kamoo u ka etsang lipapiso tse hlakisang lintlha tse itseng.

20 mets: “Chesehela se Molemo!”a (Serapeng sa 1-12) Ka mor’a ho tšohla serapa sa 6, e-re mohoeletsi a etse pontšo e khutšoanyane a memela mong ka eena, moahelani, seithuti-’moho le eena kapa mosebetsi-’moho le eena Sehopotsong, a sebelisa sememo. Haeba bahoeletsi ba e-s’o fuoe limemo tsa Sehopotso, ba lokela ho li fuoa ka mor’a seboka sena.

Pina ea 19 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 March

Pina ea 34

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: E-ba Bohlale ha U Khetha Metsoalle. Puo ka moholo e thehiloeng Tsoheng! ea March 8, 1997, leqepheng la 24, le boitsebiso bo sehloohong se reng “Litloaelano Tse Mpe” leqepheng la 150 la buka ea Ho Bea Mabaka. Bontša kamoo melao-motheo ena e sebetsang ho bacha le ho batho ba baholo. Totobatsa melemo ea ho khetha metsoalle e ratang Jehova le e bontšang hore e loanela ho tšehetsa melao-motheo ea hae ka botšepehi.

20 mets: “Chesehela se Molemo!”* (Serapeng sa 13-26) E behoe ke molebeli ea okamelang. Ha u tšohla serapa sa 14, e-re moholo a etse pontšo e khutšoanyane eo ho eona a etelang mor’abo rōna ea kulang ka morero oa ho mo khothatsa, a mo hlalosetse ka mosa kamoo a ka nkang karolo tšebeletsong e eketsehileng ea phutheho nakong ea Sehopotso.

Pina ea 53 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 March

Pina ea 72

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lokisetsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Lipaki Tsa Jehova—Tšusumetso e Molemo Sechabeng. Puo le puisano le bamameli. Ka linako tse ling re ba le monyetla oa ho hlalosa kamoo tšebeletso ea rōna le mohlala li ruisang sechaba molemo kateng. Kōpa bamameli hore ba fane ka litlhaloso lintlheng tse latelang: (1) Re ruta batho ho phela ka litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. (2) Re ruta batho ho tšepahala le ho hlompha balaoli. (3) Re ruta kutloano pakeng tsa merabe, lichaba le lihlopha tsa batho. (4) Re thusa batho ho ntlafatsa bophelo ba malapa a bona ka ho ba khothalletsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. (5) Re rutile batho ba likete ho bala le ho ngola. (6) Re ikitlaelletsa ho thusa ba bang nakong ea likoluoa. (7) Re phethile karolo ea bohlokoa ho fumaneng tokoloho ea bolumeli e thabeloang ke bohle.—Bona buka ea Baboleli, leqepheng la 699.

Pina ea 121 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 31 March

Pina ea 130

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela litokisetso tsa Letsatsi la Limakasine le khethehileng ka Moqebelo oa la 5 April. Hopotsa bohle ho fa balebeli ba thuto ea buka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa March. Bolela mpho ea buka ea April, ’me u bolele ka ho khetheha hore ho lokela ho etsoe boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele ka buka ea Rapela Molimo le ba seng ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. Tšohla lintlha tsa sehlooho tsa “Likhopotso Tsa Sehopotso.”

13 mets: Liphihlelo tsa sebakeng seo. Kōpa hore phutheho e phete liphihlelo tseo e bileng le tsona ha e etsa tšebeletso e eketsehileng ka March. E babatse ka boiteko ba eona, ’me u khothalletse bohle ho kopanela ka hohle kamoo maemo a bona a ba lumellang kateng ka April.

20 mets: “Jehova o Lokela ho Rorisoa Haholo.”b Hatisa bohlokoa ba Sehopotso. Bontša kamoo bohle ba ka thusang ba bang ho ba teng. Hlalosa se ka etsoang ho iteanya le ba sa kopaneleng tšebeletsong ho tsosolosa thahasello ea bona. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse khothatsang tsa sehopotso sa selemo se fetileng.

Pina ea 173 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 7 April

Pina ea 191

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Ho Rua Molemo Bukeng ea Selemo ea 2003. Puo le puisano le bamameli. Tšohla lintlha tsa sehlooho tsa “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang,” leqepheng la 3-5. Lokisetsa esale pele hore ba seng bakae ba phete litlaleho le liphihlelo tseo ba fumaneng li khothatsa le ho matlafatsa tumelo. Bolela lintlha tsa sehlooho tsa tlaleho ea lefatše ka bophara. Khothalletsa malapa ho bala buka eohle mohato ka mohato har’a selemo. Fana ka litlhahiso tseo re ka sebelisang buka ena ka tsona ho lebisa ba bacha mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova le ho ba khothalletsa ho ba teng libokeng. (Liphutheho tse e-s’o fumane Buka ea Selemo ea 2003 li ka sebelisa nako ena ho tšohla litlhoko tsa phutheho.)

20 mets: “Kamoo ’Nete e re Lokollang Kateng.”c Akarelletsa le litlhaloso tse lebokoseng le leqepheng la 6 la Molula-Qhooa oa October 1, 1998. Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo linnete tsa Lentsoe la Molimo li ba lokolotseng kateng.

Pina ea 217 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela