Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ka bokhutšoanyane tšohla “Tokisetso e Ncha ea Lilaebrari Tsa Liholo Tsa ’Muso.” Bolela hore na ke mang ea tla hlokomela laebrari ea Holo ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea May 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho fanoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.
20 mets: ‘Ho Khanya le le Maseli.’a Phetha ka puo ea metsotso e mehlano e thehiloeng Molula-Qhooeng oa June 1, 1997, leqepheng la 14-15, serapeng sa 8-13. Hatisa lebaka leo ka lona re sa bolokeng molaetsa oa ’Muso e le sephiri.
Pina ea 134 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Khothalletsa phutheho ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho mema liithuti tsa Bibele, bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong, le batho bohle ba thahasellang hore ba tle puong e khethehileng ka Sontaha sena e nang le sehlooho se reng “Na Hora ea Kahlolo ea Babylona e Fihlile?”
15 mets: “Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo.” Puisano e lokelang ho etsoa ke molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea tšoanelehang. Hlalosa hore na ke bo-mang ba ka ruang molemo thutong ea Bibele bukeng ea Rapela Molimo. Khothalletsa bahoeletsi hore ba latele litaelo tse fanoeng sehloohong sena. E-re moholo a etse pontšo ea kamoo ho ka qalisoang thuto ea Bibele bukeng ena le motho ea kileng a ithuta nakong e fetileng. Lokisetsa hore bahoeletsi ba phete liphihlelo leha e le life tseo ba li thabetseng ha ba ntse ba sebelisa buka ena ea Rapela Molimo.
20 mets: “E Etsetse Sebaka.”b Akarelletsa le puisano ea a le mong kapa ba babeli ba sebelisang bosoha ba bona hantle ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. E-re ba hlalose hore na ba thusoa ke eng ho khotsofala tšebeletsong ea bona.
Pina ea 35 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May 8, ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8.
15 mets: Re ka Etsa Joang Hore Matsatsi a Rōna a Amohelehe ho Jehova? Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 15, 2002, leqepheng la 20. Etsa hore e sebetse phuthehong ea lōna. Khothalletsa bohle ho sebelisa nako ea bona le matlotlo ka bohlale bakeng sa ho ipehela lipakane tsa moea.
20 mets: “Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele.”c E behoe ke moholo, a sebelisa lipotso tse fanoeng. Kōpa bamameli ho akarelletsa liphihlelo tse khutšoanyane tsa tšebeletso ea tšimo tse tšehetsang lintlha tse buelloang. Ha u tšohla serapa sa bohlano, etsa pontšo ea se etsahetseng tšimong ea lōna moo ho ileng ha qalisoa thuto ea Bibele.
Pina ea 89 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 5 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba hakhutšoanyane litlhahiso tse entsoeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea April 2002 sehloohong se reng “Ho Lokiselletsa Likhoeli Tse Tlang” leqepheng la 2, tlas’a karolo e reng Beke e Qalang ka la 6 May.
20 mets: Litlhoko Tsa Phutheho.
15 mets: Tlaleho e Ntle—Mohloli oa Thabo. (Liprov. 15:30) Puisano le bamameli e bontšang seo phutheho e se finyeletseng ka lebaka la boiteko bo khethehileng bo entsoeng ka March le April. Kōpa phutheho ho pheta liphihlelo tse molemo tseo e bileng le tsona likarolong tse latelang: (1) ho thusa ea thahasellang ho ba teng Sehopotsong, (2) ho ba pula-maliboho ea thusang, (3) ho khothatsa mohoeletsi ea sa kopaneleng tšebeletsong ho qalisa tšebeletso ea hae phuthehong, (4) ho thusa e mocha ho qalisa ho bolela le (5) ho hlaolela thahasello ea ba bileng teng Sehopotsong. Lokisetsa tse ling tsa litlhaloso tsena esale pele. Babatsa bohle ’me u ba khothalletse hore ba lule ba leka ho etsa sena nakong e tlang.
Pina ea 126 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.