Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/03 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 7/03 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa; Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: Buka ea Tsebo. October: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele.

◼ Ho tloha ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa ea sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšaba Molimo oa ’Nete?”

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara liforomo tse lekaneng tsa selemo sa tšebeletso sa 2004 ha li odara lingoliloeng ka July. Liforomo tsena tse latelang ha lia lokela ho odaroa hobane li akarelletsoa thomellong ea phutheho ea selemo le selemo: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfelopo Tsa Tlaleho ea Phutheho (rce), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26) le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Ka kōpo sebelisang liforomo tsena ka hloko. Li lokela ho sebelisetsoa morero oo li o reretsoeng feela.

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a likopano tse latelang tsa machaba a fetotsoe:

December 4-7:

Durban (Seafrikanse, Senyesemane le Puo ea Matsoho li hlakotsoe)

Durban (Sezulu; kopano e ncha)

◼ Bahoeletsi le batho ba thahasellang ba buang Sezulu ba khothalletsoa ho ea kopanong ea machaba Durban, kaha ho tla be ho e-na le sebaka se lekaneng, athe Johannesburg le Pretoria ho tla be ho e-na le sebaka se lekanyelitsoeng feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela