Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 11
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 11

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, ’me u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, u ka ba tsamaisetsa buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete kapa buka e ’ngoe ea khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sengoliloeng se seng seo u ka se tsamaisang ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa Bibele—Lentsoe la Molimo kapa la Motho? Ho ka tsamaisoa le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng haeba e le teng setokong sa phutheho. January: Buka leha e le efe e hatisitsoeng pele ho 1988 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na libuka tsena setokong, ka kōpo botsang phutheho e haufi hore na e na le libuka tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka ’na tsa tsamaisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

◼ Tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho kenyelelitsoe “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 2004” ’me e lokela ho bolokoa e le hore e ka sebelisoa selemong sohle sa 2004.

◼ Baholo ba liphutheho tse abetsoeng ho ba teng kopanong ea machaba ba ka etsa qeto ea ho tšoara thuto ea buka qalong ea beke eo ea kopano kapa ba lokisetse hore halofo ea thuto e abetsoeng e tšoaroe bekeng ea pele ho kopano ’me halofo e ’ngoe e tšoaroe bekeng e e latelang. Tsebisang phutheho esale pele. Liphutheho tse eang kopanong ea setereke li lokela ho tšoara thuto ea buka bekeng ea kopano. Sekolo le Seboka sa Tšebeletso li ke ke tsa e-ba teng bekeng ea kopano.

◼ Haeba nako ea liboka tsa phutheho ea lōna e tla fetoha ka la 1 January, mongoli oa phutheho o lokela ho tsebisa ofisi ea lekala ka liphetoho tseo ka ho romela foromo ea Congregation Meeting Information (S-5). Haeba ho hlokahala, ho ka odaroa limemo tse ncha ka ho romela foromo ea Kōpo ea Limemo (S-16). Limemo li lokela ho odaroa bonyane libeke tse robeli pele ho nako eo li tla hlokoa ka eona.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara temana ea selemo ea 2004 ha li odara lingoliloeng ka October. Ho tla fumaneha ea moetso oa k’hateboto feela. Boholo ba eona e tla ba 1 000mm x 350mm. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara temana e le ’ngoe feela ea selemo bakeng sa puo ka ’ngoe. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho li fanyehe temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2004.

◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso selemong sa 2004 e tla fanoa ka Sontaha sa la 18 April. Sehlooho sa puo se tla tsebisoa hamorao. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 18 April, 2004.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watch Tower Publications Index 2002—Senyesemane

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ho Bina Lipina Tsa ’Muso—No. 3—Sezulu

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:

Elementary Bible Teachings—On Videocassette, Volume 1—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela