Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/03 leq. 11
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 10/03 leq. 11

Litaba Tsa Puso ea Molimo

◼ Re thabetse selemo se seng se ikhethang sa kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Ha e le hantle, lilemong tse tharo tse fetileng e bile ho khothatsang ho bona kaho ea liholo tse ka bang 180. Re leboha tlhohonolofatso e enneng ea Jehova hakaakang!

Na u ile ua bontša moea o motle oa boithaopo ka ho kopanela morerong oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso? Haeba ho joalo, u bile le thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ntle le baithaopi ba sebaka ka seng, baithaopi ba bang ba kaho ea Liholo Tsa ’Muso ba ne ba tsoa mose ho maoatle ba tlil’o thusa ka lerato. Ka lebaka leo, Komiti e ’ngoe ea Kaho ea Libaka e ile ea khona ho haha Liholo Tsa ’Muso tse 11 ka likhoeli tse 9. Cheseho ea mofuta oo e fana ka bopaki bo bongata lebitsong la Jehova, e ba le tšusumetso e matla sechabeng le phello e molemo ho bohle.

Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka ho leka-lekanya botlallo ba lōna hona joale bo ka koala khaello ea bona.” (2 Bakor. 8:14) Kajeno, ho leka-lekanya ho tšoanang ho etsa hore ho be le lichelete tse hlokahalang bakeng sa ho haha Liholo Tsa ’Muso. Liphutheho tse ngata tse tsitsitseng li ’nile tsa thusa tse nyenyane ka hore li li alimele chelete e eketsehileng bakeng sa kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Menehelo ea khoeli le khoeli e kenngoang Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso le chelete ea kalimo eo liphutheho li e lefang khoeli le khoeli lia ananeloa ’me li sebelisetsoa ho thusa liphutheho tse hlokang Liholo Tsa ’Muso ka matla.

Liholo tsena Tsa ’Muso tse 19 li nehetsoe likhoeling tsa morao tjena: Nkande, Ezakheni East, Incotshane, le Klaarwater (KwaZulu-Natal); Amsterdam, le Kwamhlanga (Mpumalanga); Mafikeng South, Cassel, Huhudi, Dryharts, Magogoe-Koikoi, le Ikhutseng (North West); Club View, le Namahadi (Foreisetata); Ginsberg, le Nonibe (Eastern Cape); Ncweng (Northern Cape); Boipatong (Gauteng); le Mantabeni (Swaziland).

Bohle ba khothalletsoa ho tsoela pele ho tšehetsa Likomiti tsa bona Tsa Kaho Tsa Libaka ka ho feletseng. Tiisa hore u boloka melao ea tšireletso ha u sebetsa setšeng. Ntle le likotsi tse seng kae tse nyenyane, Likomiti tse 25 Tsa Kaho Tsa Libaka li bolokile botumo bo botle tabeng ea tšireletso. Likomiti tse ling Tsa Kaho Tsa Libaka li rera ho potlakisa mosebetsi oa kaho selemong se secha sa tšebeletso ka morero oa ho thusa liphutheho tse ngata tse nyenyane tse sa ntseng li hloka Liholo Tsa ’Muso. Ka lebaka leo ho sa ntse ho hlokahala baithaopi ba bang ba bangata. Na u ka thusa ka tsela leha e le efe? E se eka moea o halalelang o ka tsoela pele o tšehetsa boiteko ba lōna ho ea ka thato ea Jehova.—Baheb. 2:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela