Kemiso Ea Liboka Tsa Tšebeletso
TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe likhoeling tsa likopano tsa setereke. Liphutheho li ka ’na tsa etsa liphetoho moo ho hlokahalang e le hore li be teng Kopanong ea Setereke ea “Tlotlisang Molimo.” Ha ho lokela, sebelisa metsotso e 15 Sebokeng sa Tšebeletso sa ho qetela pele ho kopano bakeng sa ho pheta likeletso tse tobileng tse kenyelletsong ea October tse amang sebaka sa lōna. Khoeling ea February 2004, ho tla lokisetsoa hore ho be le Seboka sa Tšebeletso seo ho sona ho tla hlahlojoa lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano. E le hore re itokisetse puisano eo, kaofela ha rōna re ka nka lintlha tsa bohlokoa kopanong, ho akarelletsa le lethathamo la lintlha tse tobileng tseo re lakatsang ho li sebelisa bophelong ba rōna le tšebeletsong ea tšimo. Kahoo re ka khona ho khothatsa ba bang ka ho hlalosa kamoo re sebelisitseng litlhahiso tseo kateng.
Beke e Qalang ka la 10 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Fana ka tlaleho ea se finyeletsoeng ’me u phete liphihlelo leha e le life tse thahasellisang. E-ba le lipontšo tse peli tsa lintho tse hlileng li etsahalang tse bontšang kamoo ho ka sebelisoang litlhahiso tse leqepheng la 4 ho nehelana ka Molula-Qhooa oa November 15 le Tsoha! ea December 8 tšimong ea lōna. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Pontšo e ’ngoe e akarelletse tlhaloso ea kamoo mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle o tšehetsoang ka lichelete.—Bona Molula-Qhooa, leq. 2, kapa Tsoha! leq. 5.
15 mets: “Le Itokise.”a Kōpa bamameli hore ba hlalose se ba thusang ho qoba hore matšoenyeho le litšitiso tsa tsamaiso ena ea lintho li ba jelle nako eo ba neng ba ka e sebelisa hamolemo ho hahamalla lipakane tsa moea.
20 mets: U Khetha Metsoalle ea Hao Joang? Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Rapela Molimo, leqepheng la 47-9. U sebelisa lipotso le mangolo a bontšitsoeng serapeng sa 13, kōpa bamameli hore ba hlalose melao-motheo ea Bibele e lokelang ho re tataisa ha re khetha metsoalle ea rōna.
Pina ea 127 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 November
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba bileng le liphihlelo tse thahasellisang ha ba nehelana ka lingoliloeng tse tsamaisoang tšebeletsong ea tšimo. Ba bang e ka ’na eaba ba atlehile ho qalisa lithuto tsa Bibele.
15 mets: Hlaolela Moea oa ho Fana. Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa November 1, 2003, leqepheng la 27-30. Kenyelletsa le tsebiso e buang ka monehelo oa selemo le selemo oa Letlōle Bakeng sa Tšenyo Liholong Tsa ’Muso.
18 mets: “Ho Babatsa Hoa Khatholla.”b Akarelletsa se boletsoeng bukeng ea Thabo ea Lelapa, leqepheng la 49-50, serapeng sa 21. Kōpa bamameli ba ileng ba khothatsoa ke ha ba bang ba ba babatsa hore ba hlalose seo ho se hokae.
Pina ea 58 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 November
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. E-ba le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka sebelisoang litlhahiso tse leqepheng la 4 ho nehelana ka Molula-Qhooa oa December 1 le Tsoha! ea December 8. Ho ka ’na ha sebelisoa lengolo le leng ntle ho le bontšitsoeng leqepheng la 4. Pontšong ka ’ngoe, limakasine li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Nehelanong e ’ngoe, bontša kamoo limakasine li ka tsamaisoang kateng ka tsela e sa reroang lipalangoeng tsa sechaba kapa boemong bo bong bo loketseng sebaka sa lōna.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.
23 mets: “Ho Hlaolela Kamano e Haufi-ufi le Jehova.”c Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo mangolo a sebetsang kateng. Lokisetsa esale pele hore a le mong kapa ba babeli ba hlalose se ba thusitseng ho ntlafatsa boleng ba thuto ea bona ea botho ea Bibele.
Pina ea 202 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 1 December
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba nehelane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa November. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December. Hlahloba ka bokhutšoanyane nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tseo ho fanoeng ka tsona. Hlalosa kamoo bahoeletsi ba ka sebelisang Watch Tower Publications Index ho fumana linehelano tse eketsehileng.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2001, leq. 2.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Ho Tšoaneleha ka ho Lekaneng ho Ruta ba Bang. Puisano le bamameli e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa June 1, 2000, leqepheng la 16-17, serapeng sa 9-13. Pakane e ka sehloohong tšebeletsong ea rōna ke ho khona ho ruta ka katleho. Ho atleha ha rōna ho thuseng ba kang linku ho itšetlehile ka ho khona ha rōna ho fetisetsa molaetsa oa ’Muso ho bona ka tsela e ba rutang le e ba susumetsang. Tšohla lipotso tse latelang: (1) Phapang ke efe pakeng tsa ho bolela le ho ruta? (jv-SU 572, ser. 5) (2) Ke hobane’ng ha ba bang ba le lesisitheho tabeng ea ho leka ho khanna thuto ea Bibele? (3) Re ka ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta joang? (4) Re ka etsa’ng ho netefatsa hore seithuti sa rōna se utloisisa seo se ithutang sona? (5) Re lokela ho leka ho thusa seithuti ho finyella pakane efe?
Pina ea 70 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.