Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/04 maq. 2-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 2/04 maq. 2-7

Litsebiso

◼ February: Atamela ho Jehova. Haeba buka ena e le sieo, ho ka tsamaisoa buka ea Tlhōrō ea Tšenolo. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Haeba batho ba se ba e-na le buka ena, ho ka tsamaisoa buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong le/kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le mokhatlo o hlophisitsoeng, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba batho ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea lichelete. Bala lengolo leha e le lefe le lebohang menehelo e entsoeng ke phutheho mosebetsing oa lefatše ka bophara le letlōleng leha e le lefe le hlokomeloang ke mokhatlo o hlophisitsoeng.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso ka 2004 e tla ba le sehlooho se reng “E-ba Sebete ’me U Tšepe Jehova.” Bona tsebiso e amanang le ena Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea October 2003.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Sontaha sa la 4 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qala pejana, ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho qala ka mor’a hore letsatsi le likele. Botsang mehloli ea sebakeng sa lōna hore na letsatsi le likela neng tikolohong ea lōna. Kaha ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo ntle le tsa tšebeletso ea tšimo, ho lokela ho etsoe litokisetso tse loketseng tsa hore Thuto ea Molula-Qhooa e tšoaroe ka nako e ’ngoe. Ho tla hlokahala hore balebeli ba potoloho ba fetole nako ea liboka tsa bona tsa beke eo ho ea ka maemo a sebaka ka seng. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e be le mokete oa eona oa Sehopotso, hase kamehla sena se ka khonehang. Moo liphutheho tse ngata li tloaetseng ho sebelisa Holo e le ’ngoe ea ’Muso, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse eketsehileng li ka sebelisa sebaka se seng mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore ho be le bonyane metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo o feletseng ketsahalong eo. Ho lokela hore ho nahaneloe le maemo a sephethephethe le ho pakoa ha likoloi, ho akarelletsa le ho theola batho le ho ba lata. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela