Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/04 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 February
  • Beke e Qalang ka la 16 February
  • Beke e Qalang ka la 23 February
  • Beke e Qalang ka la 1 March
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 2/04 leq. 2

Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 February

Pina ea 225

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 15 le Tsoha! ea March 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Pontšong e ’ngoe, bontša kamoo ho ka arabeloang motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ke na le bolumeli ba ka.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 18-19.

10 mets: “Rua Molemo ka ho Ithuta Buka ea Atamela ho Jehova.” Puo ka molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho e thehiloeng sehloohong sena. Ha le tšohla serapa sa 2, lebisa tlhokomelo kemisong ea thuto. Ha le hlahloba serapa sa 3, bala ’me u tšohle serapa sa 23 leqepheng la 25 la buka eo.

25 mets: “U ’ne U Bolele Mesebetsi e Hlollang ea Jehova.”a (Serapa sa 1-10) E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Khothalletsa moea oa mosebetsi o eketsehileng oa tšimo nakong ea Sehopotso.

Pina ea 90 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 February

Pina ea 41

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho sebelisa lipotso tse leqepheng la 1 ho hlahloba lintlha tseo ba li ngotseng bakeng sa puisano le bamameli ka lenaneo la Kopano ea “Tlotlisang Molimo” Sebokeng sa Tšebeletso sa bekeng e tlang.

15 mets: Rorisa Jehova “Har’a Phutheho.” Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 1, 2003, leqepheng la 19-22. (1) Pesaleme ea 22:22, 25 e totobatsa joang lebaka leo re arabelang ka lona libokeng? (2) Ke hobane’ng ha thapelo e le molemo? (3) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re lokisetse? (4) Kaofela re lokela ho ba le pakane efe libokeng? (5) Ke hobane’ng ha ho lulella pele ho le molemo? (6) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamela seo ba bang ba se buang? (7) Re ka araba joang ka mantsoe a rōna? (8) Re ka khothatsa ba bang joang ka likarabo tsa rōna? (9) Mokhanni o na le boikarabelo bofe?

20 mets: “U ’ne U Bolele Mesebetsi e Hlollang ea Jehova.”b (Serapa sa 11-17) Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Akarelletsa le pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea memelang motho eo a etsang leeto la ho boela ho eena Sehopotsong.

Pina ea 75 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 February

Pina ea 118

5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea Lichelete. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela. Qetellong ea pontšo e ’ngoe, botsa potso e fatang maikutlo e ka arajoang leetong le latelang ho sebelisoa bukana ea Seo a se Hlokang.

40 mets: “Likopano Tsa Setereke le Tsa Machaba li re Susumelletsa ho Tlotlisa Molimo!” E fanoe ke moholo. Ka mor’a kenyelletso ea motsotso o le mong kapa ka tlaase ho moo, tsamaisa puisano le bamameli ea lenaneo la kopano u sebelisa lipotso tse sehloohong sena. Arola nako ka tsela eo u tla khona ho botsa lipotso tsohle, mohlomong u kōpe karabo e le ’ngoe feela lipotsong tse ling. Hase mangolo ’ohle a ka baloang ka nako e behiloeng; a akarellelitsoe e le hore a ka re thusa ho fumana likarabo. Likarabo li lokela ho lebisa tlhokomelo melemong ea ho sebelisa lintho tse ithutiloeng.

Pina ea 81 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 1 March

Pina ea 156

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. Bolela buka e tsamaisoang ka March, ’me ka bokhutšoanyane u hlahlobe e ’ngoe ea litlhahiso tse kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Re ka Etsa Seo Jehova a se Hlokang.”c Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha nako e lumela, totobatsa mangolo a bontšitsoeng.

Pina ea 98 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela