Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/04 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 May
  • Beke e Qalang ka la 17 May
  • Beke e Qalang ka la 24 May
  • Beke e Qalang ka la 31 May
  • Beke e Qalang ka la 7 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 5/04 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 May

Pina ea 193

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Haeba litlhahiso tse leqepheng la 4 li sebetsa tšimong ea phutheho ea lōna, li sebelise ho etsa lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 15 le Tsoha! ea June 8. Ho ka sebelisoa linehelano tse ling. Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ke na le bolumeli ba ka.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 18-19.

15 mets: Lingoliloeng Tse Ncha Tseo re Ileng ra Thabela ho li Fumana! Puisano le bamameli. Re ile ra thabela ho fumana lingoliloeng tse peli tse ncha Likopanong Tsa Machaba le Tsa Setereke tsa “Tlotlisang Molimo.” Bukana ea ‘Bona Naha e Ntle’ ea ikhetha har’a lingoliloeng tsa rōna. Lekhetlo ka leng ha u phetla leqephe, u fumana ’mapa o fanang ka temohisiso karolong e fapaneng ea Naha e Tšepisitsoeng. Lebisa tlhokomelo makolopetsong a mang a hlahang limmapeng tse sa tšoaneng. Bolela litsela tse molemo tseo sengoliloeng sena se ka sebelisoang ka tsona. Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e tla matlafatsa bana ba rōna moeeng. Bolela tse ling tsa lihlooho tse nakong tse ka har’a buka ena, ’me u bontše kamoo batsoali le bana ba ka ruang molemo ho tsona. Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo ba sebelisang lingoliloeng tsena tse ncha hamolemo.

20 mets: “Le Atolohe.”a Akarelletsa litlhaloso tse bukeng ea Rapela Molimo, leqepheng la 150, serapeng sa 14.

Pina ea 18 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 17 May

Pina ea 188

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: “Iponahatseng le le ba Lebohang.”b Ha nako e lumela, kōpa bamameli ho hlalosa mangolo a bontšitsoeng. Ha le tšohla serapa sa 3, e-re a le mong kapa ba babeli bao e bileng bo-pula-maliboho ba thusang haufinyane ba bolele litlhohonolofatso tseo ba li fumaneng mosebetsing oo.

20 mets: Rea Hlokomelana. (1 Bakor. 12:25, 26) Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 157-9, tlas’a sehloohoana se reng “Ho Hlokomelana.” Le hoja batho ba Jehova ba lula likarolong tsohle tsa lefatše, re momahane. Kaofela ha rōna re lokela ho rapella barab’abo rōna letsatsi le letsatsi. Hape re potlakela ho thusa ka lintho tse bonahalang ha ho e-na le tlhoko e potlakileng. Bala u be u hlalose mangolo a sehlooho, ’me u akarelletse phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tse hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rōna.

Pina ea 100 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 24 May

Pina ea 128

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June 8. Etsa hore pontšo ka ’ngoe e ipiletse ho setho sa bolumeli ba sebakeng sa lōna.

15 mets: “’Mino o Khathollang.” Puo le puisano le bamameli. Akarelletsa litlhaloso tse hlahang Bukeng ea Selemo ea 2002, leqepheng la 175, le Molula-Qhooeng oa February 1, 1997, leqepheng la 27, serapeng sa 1-2.

18 mets: Itokisetse ho Fana ka Bopaki bo sa Reroang. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea June 2003, leqepheng la 3. Lokisetsa esale pele hore ba seng bakae ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba fana ka bopaki bo sa reroang. Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea kamoo ho ka sebelisoang pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? le bukana ea Litaba Tse Molemo Bakeng sa Batho ba Lichaba Tsohle bopaking bo sa reroang.

Pina ea 211 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 31 May

Pina ea 26

8 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa May.

17 mets: Bophelo—Mpho e Lokelang ho Baballoa. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 162-3. Akarelletsa litlhaloso tsa Tsoha! ea June 8, 1993, leqepheng la 31-2. U ka hlalosa pono ea Jehova ka ho ntša mpa joang ho motho ea nang le maikutlo a hore mosali o na le tokelo ea ho etsa qeto litabeng tse amang ’mele oa hae? Pheta phihlelo e Molula-Qhooeng oa January 1, 2000, leqepheng la 4, serapeng sa 4-5.

20 mets: “Ho Tsamaisa Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.” Re tla be re tsamaisa buka ena ka June. Lebisa tlhokomelo litšobotsing tse hlalositsoeng leqepheng la 7, serapeng sa 1-3, bukeng ena. E-re bamameli ba hlalose hore na ba rata eng ho eona. Hlahloba linehelano tse fanoeng. Totobatsa kamoo ho ka buelloang litšoantšo ha ho tsamaisoa buka ena. E-re mocha a etse pontšo ea nehelano e qalang, ’me motho e moholo a etse e ’ngoe ea tse setseng. Haeba katamelo e fapaneng e ka atleha haholoanyane tšimong ea lōna, ho ka buisanoa ka eona ha ba ha etsoa pontšo ea eona sebakeng sa e ’ngoe ea linehelano tse latelang.

Pina ea 24 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 7 June

Pina ea 136

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla lintlha tsa bohlokoa sehloohong se reng “Mokhoa oa ho ba Thusa.” Bolela lipuo tse ling tse fumanehang tšimong ea lōna.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Sebelisa Lipapiso Tse Finyellang Morero ha U Ruta. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 1, 2002, leqepheng la 22-4. Ke lintlha life tse ’nè tse etsang hore papiso e finyelle morero? Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa lipapiso tse bonolo? Re ka fumana lipapiso tse ntle hokae? Hlahloba mehlala e meng lebokoseng le leqepheng la 23, ’me u hlalose hore na ke eng e etsang hore papiso ka ’ngoe e finyelle morero.

Pina ea 133 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela