Mangeloi aa re Thusa
1 “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Mantsoe ao a khothatsa hakaakang ho bohle ba elang hloko taelo ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse . . . barutuoa”! (Mat. 28:18-20) Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo Jesu a nang le Bakreste ba ’nete ka eona ke ka ho sebelisa mangeloi a hae. (Mat. 13:36-43) Ho thabisa hakaakang ho bolela “litaba tse molemo tse sa feleng” re le hammoho le libōpuoa tsee tsa moea tse tšepahalang!—Tšen. 14:6, 7.
2 Tšebeletsong ea Rōna: Bibele e bontša hore mangeloi a rometsoe “ho sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheb. 1:14) Lekholong la pele la lilemo, mangeloi a ile a ba le karolo ho lebiseng balateli ba Jesu ho batho ba tšoanelehang. (Lik. 8:26) Kajeno, bahlanka ba Molimo ba tsoela pele ho bona bopaki ba tataiso ea mangeloi. Ka makhetlo a mangata, beng ba matlo ba ’nile ba bolela hore ba ne ba ntse ba rapella thuso ha Paki e fihla ha bona. Rōna, hammoho le mangeloi, re thaba hakaakang ha batho ba joalo ba arabela molaetseng oa ’Muso!—Luka 15:10.
3 Ha re Tobana le Khanyetso: Daniele, metsoalle ea hae e meraro ea bacha ba Baheberu, moapostola Petrose, le ba bang ba bangata ba fetileng litekong tse boima ba fumane tšireletso ea Jehova a sebelisa mangeloi, “a matla ka bonatla.” (Pes. 103:20; Dan. 3:28; 6:21, 22; Lik. 12:11) Le hoja ka linako tse ling re ka ikutloa re selebaletsoe ha re tobane le khanyetso, re ka khothatsoa ke phihlelo ea mohlanka oa Elisha ha a hlokomela hore “ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” (2 Mar. 6:15-17) Esita leha re ka arohanngoa ka mahahapa le barab’abo rōna ba Bakreste, ha rea lokela ho nyahama. Lentsoe la Molimo lea re tiisetsa le re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang.”—Pes. 34:7.
4 Haufinyane mabotho a mangeloi a tla kalla ka morero oa ho felisa bohle ba hanyetsang borena ba Kreste. (Tšen. 19:11, 14, 15) Ha re ntse re letetse letsatsi leo, e se eka re ka tsoela pele ho rorisa Jehova ka sebete, re kholisehile ka ho feletseng ka tšehetso e matla ea mabotho a leholimo a laoloang ke Kreste.—1 Pet. 3:22.