Re Lokela ho Hlompha Bolaoli ba Jehova
Ke eng se tlang kelellong ea hao ha u utloa mabitso ana a boholo-holo Kora, Dathane le Abirame? Borabele! Khahlanong le eng? Bolaoli ba Molimo. Makolopetso a tsela ea bona e feletseng ka tlokotsi a tlalehiloe lengolong la Numere khaolo ea 16, ’me kakaretso ea taba ena e fumanoa sehloohong se reng “Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo” se Molula-Qhooeng oa August 1, 2002. U ka fumana ho le molemo ho bala boitsebiso bona ebe u shebella tšoantšiso ea bona e etsang hore motho a nahane ka ho teba videong ea Respect Jehovah’s Authority. U tla bona khohlano e ileng ea e-ba teng lipakeng tsa bara ba Kora ba tšepahalang le ntat’a bona oa lerabele, ea neng a loantša ’Musi oa bokahohle. (Num. 26:9-11) Tšoantšiso ena ea taba ea sebele e lokela ho re susumetsa kaofela hore re hlaolele botšepehi ba rōna ho Jehova ka ho feletseng.
Ha u ntse u shebeletse video ena, batla bopaki ba hore Kora le marabele a habo ba ile ba hlōleha ho tšepahala likarolong tse tšeletseng: (1) Ba ile ba hlompholla bolaoli ba bomolimo joang? (2) Ke joang ba ileng ba lumella boikhohomoso, takatso e matla ea bophahamo le mōna hore li ba ame? (3) Ba ile ba lebisa tlhokomelo joang mefokolong ea ba khethiloeng ke Jehova? (4) Ba ne ba hlaoletse boikutlo bofe ba ho belaela? (5) Ke hobane’ng ha ba ne ba sa khotsofalle tokelo ea bona ea tšebeletso? (6) Ba ile ba etelletsa pele metsoalle le malapa joang ho e-na le ho tšepahala ho Molimo?
Hlahloba kamoo lithuto tse ithutiloeng tšoantšisong ena ea Bibele li sebetsang kateng ponong ea rōna ea bolaoli ba bomolimo kajeno: (1) Re lokela ho arabela joang liqetong tsa baholo ka phuthehong, hona hobane’ng? (2) Re ka loantša maikutlo a fosahetseng joang ka likelellong tsa rōna? (3) Re lokela ho itšoara joang ka mefokolo ea ba khethetsoeng ho etella pele? (4) Re lokela ho etsa’ng haeba moea oa ho belaela o hōla ka lipelong tsa rōna? (5) Re lokela ho ikutloa joang ka litokelo life kapa life tseo re li filoeng? (6) Ke bo-mang bao re sa lokelang ho ba etelletsa pele ho e-na le ho tšepahala ho Molimo, ’me see se ka ’na sa fetoha teko e boima neng ho rōna?
Ka mor’a hore boitsebiso bona bo tšohloe phuthehong, ke hobane’ng ha u sa shebelle video ee hape? Etsa hore e hatise haholoanyane kelellong ea hao mabaka ao ka ’ona re lokelang hore kamehla re hlomphe bolaoli ba Jehova!—Pes. 18:25; 37:28.