Litsebiso
◼ October: Molula-Qhooa le Tsoha! Moo ho bontšoang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, ’me u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. November: Ithute ho Mosuoe e Moholo kapa Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1990 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang hore na liphutheho tse haufi li na le lingoliloeng tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang.
◼ Tšebeletsong ena ea ’Muso ho kenyelelitsoe “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 2005” ’me e lokela ho bolokoa e le hore e ka sebelisoa selemong sohle sa 2005.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso selemong sa 2005 e tla fanoa ka Sontaha sa la 10 April. Sehlooho sa puo se tla tsebisoa hamorao. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho Sontaha sa la 10 April, 2005.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara temana ea selemo ea 2005 ha li odara lingoliloeng ka October. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara temana e le ’ngoe feela ea selemo bakeng sa puo ka ’ngoe. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho li fanyehe temana e ncha ea selemo ka la 1 January, 2005.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a likopano tsa setereke tse latelang a fetohile:
December 3-5:
Bloemfontein (Seafrikanse, Senyesemane)
December 17-19:
Butterworth (Sexhosa)
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—E Mongolo o Moholo—Secibemba
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Transfusion Alternatives—Documentary Series ka Searabia, Sedache, Sefora, Sejapane, Sejeremane, Semalagasy, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi (Portugal), Sepotoketsi (Brazil), Serussia, Setaliana. DVD ena e le ’ngoe e tla ba le mananeo a mararo a video, Transfusion-Alternative Strategies-Simple, Safe, Effective; Transfusion-Alternative Health Care-Meeting Patient Needs and Rights, le No Blood-Medicine Meets the Challenge.
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela—Puo ea Matsoho ea Amerika
◼ Li-disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Atamela ho Jehova—Senyesemane