Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/04 leq. 11
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 10/04 leq. 11

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 October, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 6 September ho ea ho la 25 October, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka boloka boikutlo boo puo e fanoang ka bona e le bo khothatsang joang ha re fana ka puo e mabapi le tšobotsi e itseng ea tšebeletso ea rōna ea Bokreste? [1, be-SU leq. 203 lir. 3-4]

2. Ho pheta-pheta ke eng, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa? [3, be-SU leq. 206 lir. 1-4]

3. Re ka hatisa sehlooho sa lipuo tsa rōna joang? [6, be-SU leq. 210 lir. 1-5, lebokose]

4. Puong eo re e abetsoeng, re ka fumana joang hore na lintlha tse khōlō ke life? [7, be-SU leq. 212 lir. 1-4]

5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko hore re se be le lintlha tse khōlō tse ngata haholo? [8, be-SU leq. 213 lir. 3-5]

PUO EA 1

6. Ke liketsahalo life tsa pele ho Moroallo tseo e ka ’nang eaba li ile tsa thatafalletsa batho ho lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ba potolohileng e ne e tla fela? [1, w02-SU 3/1 maq. 5-6]

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba mo bitsa “Mosuoe” eseng “Mophekoli”? (Luka 3:12; 7:40) [2, w02-SU 5/1 leq. 4 ser. 3; leq. 6 ser. 5]

8. Liproverbia 11:24, 25 e totobatsa joang bohlokoa ba ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo? [3, w02-SU 7/15 leq. 30 lir. 2-4]

9. Borabele ba Edene bo ile ba hlahisa khang efe, ’me liphello tsa borabele boo e bile life? (Gen. 3:1-6) [5, w02-SU 10/1 leq. 6 ser. 1; leq. 6 lir. 3-4]

10. Deiti ea ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete Jerusalema e lekanyetsoa joang? [6, si-SU leq. 285 ser. 5]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Kaha Jehova o ile a bolella Balame hore a tsamaee le banna ba Balake, ke hobane’ng a ile A halefa ha Balame a tsamaea le bona? (Num. 22:20-22) (w84 4/15 leq. 30 ser. 2)]

12. Na monna oa mosali oa Mokreste a ka hlakola likano tsa mosali oa hae? (Num. 30:6-8) [3, w84-SU 6/1 leq. 31 ser. 4 (w84 4/15 leq. 30 ser. 4)]

13. ‘Metse ea setšabelo’ e emela eng kajeno? (Num. 35:6) [4, w95-SU 11/15 leq. 17 ser. 8]

14. Na taelo e ho Deuteronoma 6:6-9 e mabapi le ho ‘tlama molao oa Molimo letsohong le hloohong e le lebanta le roaloang phatleng’ e lokela ho nkoa ka tsela ea sebele? [6, w84-SU 9/1 leq. 29 ser. 2 (w84 7/15 leq. 24 ser. 1)]

15. Na polelo e reng “liaparo tsa hao tsa ka holimo ha lia ka tsa tsofala” e bolela feela hore Baiseraele ba ile ba nehoa liaparo tse ling? (Deut. 8:4) [7, w84-SU 9/1 leq. 29 ser. 3 (w84 7/15 leq. 24 ser. 2)]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela