Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso tšimong ea rōna le ntse le tsoela pele ho khotsofatsa litlhoko tsa bara le barali babo rōna. Ho ba le ho leka-lekanya kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Re leboha haholo menehelo ea liphutheho ea khoeli le khoeli ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso. Hape re ananela tefello ea chelete e alimiloeng eo liphutheho tse ileng tsa thusoa ke mokhatlo o hlophisitsoeng li e etsang ka botšepehi khoeli le khoeli, hobane chelete ena e boetse e sebelisetsoa ho thusa liphutheho tse hlokang Liholo Tsa ’Muso ka matla.
Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe liholo tse ling tse leshome le metso e ’meli likhoeling tsa morao tjena: Hout Bay le Manenberg (Cape Town); Protea Glen (Soweto); Kanana East (Orkney) Emzinoni, Embalenhle East (Mpumalanga); Metele (Eastern Cape); Dikebu, Vlaklaagte East, Tweefontein West (Gauteng); Messina, Mashashane (Limpopo Province).
Sena se bolela hore ho fihlela bofelong ba July 2004 re nehetse Liholo Tsa ’Muso tse 22. Ke ho loketseng hore ka ho khetheha re lebohe Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka ka mosebetsi oa tsona o etsoang ka lerato oa ho thusa liphutheho tse hlokang liholo ka matla. Hape, re leboha ho tloha pelong bohle ba tšehetsang mesebetsi ea kaho. Ho hlokahala hore re boloke lebelo leo kaho ea Liholo Tsa ’Muso e tsoelang pele ka lona tšimong ea rōna. Na ho na le tsela eo u ka thusang ka eona?