Kemiso ea Liboka tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 11 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bua ka litokisetso tsa tšimo e sa abuoang bakeng sa mafelo-beke a la 30 le la 31 October, 2004. Khothalletsa tšehetso ea khohola-koqo.
20 mets: “A re Phahamiseng Lebitso la Hae Hammoho.”a E fanoe ke mongoli oa phutheho a sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Bolela kopano eo phutheho e abetsoeng ho eona. Ho ka totobatsoa lintlha tse ling tsa kenyelletso eo haeba ho hlokahala. Phetha ka ho botsa lipotso tse peli kapa tse tharo tse sehloohong se reng “Lijo Tsa Moea ka Nako e Tšoanetseng,” se tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso sa bekeng e tlang.
15 mets: “Ho ba Teng Kamehla Libokeng—Ho Tla Pele.”b Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose mehato eo ba e nkileng hore ba be teng sebokeng se seng le se seng sa phutheho.
Pina ea 69 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 October
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: “Lijo Tsa Moea ka Nako e Tšoanetseng.”c Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha le tšohla serapa sa 2, lokisetsa hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli har’a bamameli ba bue ka bokhutšoanyane ka kopano eo ba e hopolang eo ba bileng ho eona. Phetha ka ho botsa lipotso tse peli kapa tse tharo tse sehloohong se reng “Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna,” se tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso sa bekeng e tlang.
20 mets: Fana ka Bopaki bo Tšehetsang Lentsoe la Molimo. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 256-7. Re ka sebelisa bopaki bo tsoang mehloling eo e seng ea Bibele joang ho thusa batho ho ananela kamoo Mangolo a utloahalang kateng? Kōpa hore bamameli ba arabe lipotso tse latelang: Re ka bua ka mehlala efe ea bokahohle bo bonahalang e le bopaki ba hore ho na le ’Mōpi? (rs-SU 372-3) Re ka sebelisa litlhaloso tsa litsebi joang ho thusa ba bang ho bona hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo? (rs-SU 58-60) Re ka sebelisa papiso efe ho thusa ba bang ho bona lebaka leo Molimo a lumellang bokhopo ka lona? (rs-SU 66) Ke liphihlelo kapa mehlala efe eo u e sebelisitseng ho thusa ba bang ho ananela hore ke bohlale ho latela keletso ea Bibele?
Pina ea 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 12 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Pontšong ka ’ngoe, bontša tsela e fapaneng ea ho buisana le motho ea khaoletsang moqoqo ka ho re “Ha ke thahaselle Lipaki Tsa Jehova.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 17-18.
15 mets: “Bonngoe ba ’Nete ba Bokreste—Bo ka Finyelloa Joang?”d Ha le buisana ka serapa sa 5, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse totobatsang bonngoe ba rōna ba Bokreste likopanong tsa machaba, mererong ea kaho ea puso ea Molimo kapa mosebetsing oa liphallelo nakong ea likoluoa.
20 mets: “Le Halalele Boitšoarong Bohle ba Lōna.”e Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Kōpa bamameli hore ba bolele seo ba se hlokometseng mabapi le kamoo boitšoaro bo botle likopanong bo tlisetsang Jehova thoriso kateng. Phetha ka ho botsa lipotso tse peli kapa tse tharo tse sehloohong se reng “Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang,” se tla tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso sa bekeng e tlang.
Pina ea 62 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 1 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Ka November re tla tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. Ka bokhutšoanyane hlahloba litlhahiso tsa ho e tsamaisa tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea May 2004, leqepheng la 3, ’me u etse pontšo ea e ’ngoe ea linehelano tseo. Haeba katamelo e fapaneng e le eona e atlehang haholo tšimong ea phutheho, e ka tšohloa ’me ha etsoa pontšo ka eona. Haeba nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba khonne joang ho sebelisa buka ena tšebeletsong.
15 mets: “Re ka Thusa Balekane Bao e Seng Lipaki Joang?”f Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao e bileng bahlanka ba Jehova ka lebaka la mohlala o motle oa balekane ba bona ba neng ba amohetse ’nete.
20 mets: “Ponahalo e Hloekileng, e Babatsehang.”g Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha nako e lumela, bala mangolo a bontšitsoeng ’me u a tšohle.
Pina ea 175 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
f Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
g Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso, ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.