Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/04 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 11/04 leq. 3

Litsebiso

◼ November: Ithute ho Mosuoe e Moholo kapa Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1990 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang hore na liphutheho tse haufi li na le lingoliloeng tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. February: Atamela ho Jehova.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, mohlomong ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha li se li hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho tlalehong e latelang ea liak’haonte.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2004 tsa The Watchtower le Awake! kōpong ea tsona e latelang ea libuka. Livolume tsena li tla fumaneha ka Sechaena, Secroatia, Sedache, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekorea, Senyesemane, Sepanishe, Sepolishe, Sepotoketsi, Seromania, Serussia le Setaliana. Ho fihlela livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha e le “Pending” lethathamong la lintho tse romelloang phutheho. Livolume li fumaneha ka kōpo e khethehileng.

◼ Molebeli ea okamelang: Ka kōpo tiisa hore tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) ea tlatsoa ’me e khutlisetsoa ofising ea lekala hammoho le ’mapa oa tšimo. Sena se lokela ho etsoa pele ho la 15 November, 2004. Hape ho kopanyelletsoe liphihlelo tse thahasellisang. Netefatsa hore ho sebelisoa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.

◼ Liphutheho tse e-s’o ka li odara likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card li lokela ho li kenyelletsa odareng ea tsona ea lingoliloeng ea December. Ka kōpo li odareng ka lihlopha tsa tse 20. Le se ke la aba likarete tsena. Li bolokeng ho fihlela le fuoa litaelo tse ling Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2005—Mongolo o Moholo—Sepotoketsi, Sezulu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela