Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 10 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho shebella video ea No Blood—Medicine Meets the Challenge ha ba lokisetsa puisano ea beke e tlang. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 15 le Tsoha! ea February 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8.
15 mets: “Ho Feptjoa ka Mantsoe a Tumelo.”a Ha nako e lumela bala mangolo a sa qotsoang u be u a hlalose.
20 mets: “Leka Nehelano e Tenyetsehang.” Puisano le bamameli e thehiloeng leqepheng la 6 la kenyelletso. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea mehlala e ’meli ea kamoo nehelano ena e ka sebelisoang kateng le buka e tsamaisoang khoeling ena.
Pina ea 143 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 17 January
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Bacha—Na le Tsoela Pele Moeeng? Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 1, 2003, leqepheng la 8-10. Bolela lipakane tsa sebele tse ka finyelloang, u be u khothalletse bacha ho ipehela lipakane tsa moea tse tobileng.
25 mets: “Rua Molemo Videong ea No Blood—Medicine Meets the Challenge.” Puisano le bamameli e thehiloeng videong ea No Blood, ho sebelisoa lipotso tse lokiselitsoeng leqepheng la 2. Ka mor’a moo, bala serapa sa ho qetela. Khothalletsa bohle hore ba be teng bekeng e tlang bakeng sa puisano e mabapi le tokisetso e ncha e tla re thusa ho ila mali.
Pina ea 78 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 24 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
25 mets: Ho Mamela Taelo ea Molimo ea Hore re Ile Mali. Puo ka moholo, a sebelisa kemiso ea puo e baloang eo ofisi ea lekala e faneng ka eona. Qalong feela bolela hore likarete tsa DPA ha lia lokela ho tlatsoa mantsiboeeng ana. Ha sebui se ntse se bala kemiso ena, se ka ’na sa etsa litlhaloso tse khutšoanyane ho hatisa lintlha tsa sehlooho empa ha sea lokela ho tlatseletsa boitsebiso ka mehlala kapa mangolo a mang. Mangolo a sa qotsoang a ka baloa kapa a qotsoa ha nako e lumela. Lintlheng tse loketseng, lebisa tlhokomelo lipolelong tse lebokoseng le reng “Tokisetso e Ncha Bakeng sa ho re Thusa ho Ila Mali.” Mongoli o lokela ho fa bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng likarete tsa DPA le “Litaelo Tsa ho Tlatsa Karete ea DPA” ho ba nolofalletsa ho latela ha ho tšohloa karolo ena. Hape mongoli o lokela ho tiisa hore ho na le li-Identity Card tse lekaneng.
Pina ea 200 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 31 January
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa January. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 1 kapa Tsoha! ea February 8.
25 mets: “Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala.”b Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Bolela hore leqepheng la 3-5 la kenyelletso ea khoeli ena ho na le linehelano tsa lingoliloeng tseo re tla li tsamaisa. Boloka kenyelletso ena e le hore u ka e sebelisa selemo sohle. Ka mor’a ho hlahloba sehlooho sena, tšohla kamoo re ka tsamaisang buka ea Atamela ho Jehova ka February. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa linehelano tse peli. Li ka ’na tsa thehoa linehelanong tse fanoeng e le mohlala leqepheng la 3 kapa linehelanong tse ling tse ka atlehang tšimong ea phutheho.
15 mets: Na U Hlahlobisisa Mangolo Kamehla? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng selelekeleng sa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2005. Tšohla tlhoko ea hore bohle ba nke metsotso e seng mekae letsatsi ka leng ba hlahloba temana le tlhaloso ea eona. Lokisetsa esale pele hore mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba hlalose kemiso ea bona ea ho hlahloba temana le kamoo ba ruileng molemo kateng. Phetha ka puisano e khutšoanyane ea temana ea selemo ea 2005.
Pina ea 184 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 7 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Thusa ba Bacha ho Ithuta ho Rata Molimo le Moahelani. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 1, 2004, leqepheng la 16, serapeng sa 7-9. Totobatsa kamoo setho sa phutheho ka seng se nang le karolo eo se ka e phethang ho thuseng ba bacha hore e be barutuoa ba Kreste.
20 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 5.”c Akarelletsa le pontšo ea mosuoe ea nang le phihlelo a buisana le mohoeletsi e mocha ka tsela ea ho qoba maraba a boletsoeng serapeng sa 4-5.
Pina ea 104 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.