Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 14 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa February 15 le Tsoha! ea March 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Hlahloba hakhutšoanyane kamoo linehelano tse fanoeng e le mohlala li ka sebelisoang kateng ho ipapisitsoe le maemo a tšimo ea phutheho.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leq. 8.
35 mets: “Nako ea Sehopotso—Ke ea Mosebetsi o Eketsehileng.”a E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Ha ho tšohloa serapa sa 6, akarelletsa le litlhaloso tse Tsoheng! ea September 8, 2004, leqepheng la 12-13. Bolela ba ngoliselitseng bopula-maliboho bo thusang. Bolela liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo tse lokiselitsoeng. Khothalletsa bohle ho eketsa mosebetsi oa bona oa moea ka tsela e itseng nakong ena ea Sehopotso.
Pina ea 14 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 February
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
40 mets: “Kopano ea Setereke e re Susumelletsa ho Tsamaea le Molimo.” E fanoe ke moholo. Ka mor’a kenyelletso ea motsotso kapa ka tlaase ho moo, buisana le bamameli ka lenaneo la kopano u sebelisa lipotso tse sehloohong seo. Aro-arola nako hantle e le hore potso ka ’ngoe e ka arabeloa ka tsela e khotsofatsang, mohlomong lipotsong tse ling u lumelle karabo e le ’ngoe feela. Ha se mangolo ’ohle a sa qotsoang a ka baloang ka nako e behiloeng; a akarellelitsoe feela ka morero oa ho fumana likarabo habonolo. Likarabo li lokela ho tsepama melemong ea ho sebelisa lintho tse ithutiloeng.
Pina ea 21 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 February
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea liak’haonte. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa February. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8 (haeba li loketse tšimong ea lōna). Ho ka ’na ha sebelisoa le linehelano tse ling tse utloahalang. Qetellong ea nehelano e ’ngoe, bontša ha mohoeletsi a memela mong’a ntlo Sehopotsong a sebelisa leqephe le ka morao la Tsoha! ea March 8.
20 mets: “Leboha Mosa o Lerato oa Jehova.”b Bolela nako le sebaka seo Sehopotso se tla tšoareloa ho sona hammoho le lebitso la sebui le makolopetso a mang a loketseng. Ha ho tšohloa serapa sa 4, akarelletsa le pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea memelang motho ea tselaneng ea hae ea limakasine Sehopotsong. Haeba limemo tse hatisitsoeng ha li e-s’o ajoe, li lokela ho ajoa ka mor’a seboka.
15 mets: “Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele—Karolo ea 6.”c Akarelletsa le pontšo ea metsotso e mene eo ho eona seithuti sa Bibele se botsang hore na ke hobane’ng ha e le ba seng bakae feela ba jang bohobe le ba noang veine Sehopotsong. Motho ea se khannelang thuto oa se babatsa ka potso ea sona, oa e ngola ’me o sisinya hore ba e tšohle ka mor’a hore ba ithute sehlooho sa bekeng eo. Qetellong ea thuto, motho ea khannang thuto o bontša seithuti boitsebiso bo tlas’a potso e reng “Ke mang ea lokelang ho ja bohobe le ho noa veine?” leqepheng la 402-3 bukeng ea Ho Bea Mabaka. Ba bo bala hammoho, ’me seithuti se thabela karabelo eo e hlakileng ea potso ea sona.
Pina ea 72 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 7 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tsa sehlooho lebokoseng la “Likhopotso Tsa Sehopotso.”
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: Bontša Kameho ho ba Fokolang. (Lik. 20:35) Ka mor’a kenyelletso ea nako e ka tlaase ho motsotso, etsa puisano ea lipotso le likarabo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa July 1, 2004, leqepheng la 17-18, serapeng sa 12-16, u latele tsela eo Thuto ea Molula-Qhooa e khannoang ka eona. E-re lirapa li baloe ke mor’abo rōna ea tsebang ho bala hantle. Lebisa tlhokomelo tseleng eo boitsebiso bo ka sebelisoang ka eona mabapi le Sehopotso se atamelang le puo e khethehileng.
Pina ea 192 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.