Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/05 leq. 8
  • Karolo ea 6: Ha Seithuti se Botsa Potso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea 6: Ha Seithuti se Botsa Potso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ho Khanna Thuto ea Lehae ea Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 2/05 leq. 8

Karolo ea 6: Ha Seithuti se Botsa Potso

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

1 Ha thuto ea Bibele e se e tsitsitse, hangata ho molemo ho hlahloba lithuto tsa Bibele ka ho latellana ho e-na le ho tloboka lihlooho. Sena se thusa seithuti ho haha motheo oa tsebo e nepahetseng le ho hatela pele moeeng. (Bakol. 1:9, 10) Leha ho le joalo, hangata liithuti li botsa lipotso ka litaba tse ngata nakong ea thuto. Li lokela ho sebetsoa joang?

2 E-ba le Temoho: Hangata lipotso tse amanang le thuto li ka arajoa ka eona nako eo. Haeba potso eo e tla tšohloa hamorao bukeng e ithutoang, ho ka ’na ha lekana ho rialo feela. Leha ho le joalo, haeba potso e sa amane le thuto kapa e hloka ho etsetsoa lipatlisiso hore e tle e arajoe ka nepo, ho ka ’na ha e-ba molemo ho araba taba eo ka mor’a thuto kapa ka nako e ’ngoe. Ba bang ba hlokometse hore ho ngola potso ho kholisa seithuti hore potso ea sona e nkoa ka ho teba ’me ho etsa hore thuto e se ke ea tsoa lekoteng.

3 Lithuto tse ngata tsa Bibele li tšohloa hakhutšoanyane feela ka har’a lingoliloeng tsa rōna tse ithutoang. Ho thoe’ng haeba seithuti se thatafalloa ho amohela thuto e itseng kapa se khomaretse tumelo e itseng ea bohata? Ho ka ’na ha e-ba molemo ho hlahloba boitsebiso bo eketsehileng bo buang ka ho pharaletseng ka seo Bibele e se buang tabeng eo. Haeba seithuti se ntse se sa kholiseha, behang taba eo molatsa ’me le tsoele pele ka thuto e tloaelehileng. (Joh. 16:12) Ha tsebo ea sona ea Bibele e ntse e eketseha ’me se hatela pele moeeng, se ka ’na sa utloisisa thuto eo ea Bibele.

4 Ikokobetse: Haeba u sa kholiseha ka karabo ea potso, u se ke ua hakanya karabo. (2 Tim. 2:15; 1 Pet. 4:11) Hlalosa hore u tla batlisisa taba eo ’me u e arabe ha u khutla. Mohlomong u ka ba ua sebelisa monyetla oo ho ruta seithuti tsela ea ho etsa lipatlisiso. Se bontše hanyane ka hanyane tsela ea ho sebelisa likofuto tse fapa-fapaneng tsa lipatlisiso tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka tsela ena qetellong se tla khona ho iphumanela likarabo tsa lipotso tsa sona.—Lik. 17:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela