Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/05 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 2/05 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 February, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 3 January ho ea ho la 28 February, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka etsa joang hore seo re se buang se utloisisehe habonolo? [1, be-SU leq. 226 ser. 1–leq. 227 ser. 2]

2. Ke mantsoe a mofuta ofe a ka hlokang tlhaloso e eketsehileng? [2, be-SU leq. 227 ser. 3–leq. 228 ser. 1]

3. Ke mokhoa ofe o tla re thusa ho nehelana ka taba ka tsela e ruisang bamameli ba rōna molemo e le ka ’nete? [6, be-SU leq. 231 lir. 1-3]

4. Re ka etsa joang hore ho bala mangolo a tloaelehileng e be ho rutang ho bamameli ba rōna? [7, be-SU leq. 231 lir. 4-5]

5. Ho khothalletsa bamameli ba rōna ho lebisa tlhokomelo makolopetsong a litlaleho tsa Bibele tse tloaelehileng ho ka ba le phello efe? [9, be-SU leq. 232 lir. 2-4]

PUO EA 1

6. Ho ruta batho ho ‘tšaba Molimo oa ’nete le ho boloka litaelo tsa hae’ ho akarelletsa eng? (Moek. 12:13) [1, be-SU leq. 272 ser. 3–leq. 273 ser. 1]

7. Re ka lebisa tlhokomelo bothong ba Jehova joang, eseng feela lebitsong la hae? (Joele 2:32) [3, be-SU leq. 274 lir. 3-5]

8. Ho amohela tsebo e mabapi le Jesu le ho paka ka eena ke habohlokoa hakae? (Joh. 17:3) [5, be-SU leq. 275 ser. 7]

9. Ho ba le kamano e amohelehang le Molimo le ho ba le kutloisiso ea Bibele ho amana joang ka ho toba le ho ananela Jesu? [6, be-SU leq. 276 ser. 1]

10. Re ka bontša joang hore ka sebele re lumela hore Jesu Kreste ke Morena? [8, be-SU leq. 277 ser. 4]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Na Tera, ntat’a Abrahama, e ne e le morapeli oa litšoantšo? (Josh. 24:2)

12. Na Gideone o ne a se na sebete sa ho phetha kabelo eo Jehova a neng a mo file eona? Ke hobane’ng ha u araba joalo? (Baahl. 6:25-27)

13. Re ka ithuta eng tseleng eo Gideone a ileng a buisana le moloko oa Efraime ka eona? (Baahl. 8:1-3)

14. Hore ebe baahi ba Gibea ba ne ba sa ikemisetsa ho amohela baeti ka mofuthu ho bontša eng? (Baahl. 19:14, 15)

15. Haeba “e mong le e mong o ne a tloaetse ho etsa se nepahetseng mahlong a hae,” na seo se ne se khothalletsa pherekano? (Baahl. 21:25)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela