Tlhahlobo Ea Letsatsi La Kopano E Khethehileng
Boitsebiso bona bo tla sebelisoa Sebokeng sa Tšebeletso nakoana pele phutheho e ea letsatsing la kopano e khethehileng ea selemo sa tšebeletso sa 2006 ’me bo sebelisoe hape nakoana ka mor’a kopano. Molebeli ea okamelang o tla hlophisa hore ho be le tlhahlobo pele ho kopano le ka mor’a eona, joalokaha ho hlalositsoe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 2004, leqepheng la 4. Tlhahlobong ea ka mor’a kopano, lipotso tsohle li lokela ho botsoa, ho hatisoe kamoo re ka sebelisang boitsebiso bo fanoeng.
LENANEO LA HOSENG
1. Ho boloka leihlo la hao le talimile nģa e le ’ngoe ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha ho le thata kajeno? (“Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe?”)
2. Re rua molemo joang ha re boloka mahlo a rōna a talimile nģa e le ’ngoe? (“Fumana Mahlohonolo ka ho Boloka Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe”)
3. Mesebetsi eo ho thoeng ke e tloaelehileng e ka ba kotsi joang? (“Ho Boloka Leihlo le Talimile Nģa e le ’Ngoe Lefatšeng le Khopo”)
LENANEO LA THAPAMA
4. Batsoali le ba bang ba ka khothalletsa bacha joang hore ba hahamalle lipakane tsa moea? (“Batsoali ba Korolang Metsu ea Bona ka Nepo” le “Bacha ba Hahamallang Lipakane Tsa Moea”)
5. Re ka hatela pele joang le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova (a) re le batho ka bomong? (b) re le malapa? (c) re le phutheho? (“Tsepamisa Mahlo ho Hateleng Pele le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova”)