Tlhahlobo ea Kopano ea Potoloho
Boitsebiso bona bo tla sebelisoa Sebokeng sa Tšebeletso nakoana pele phutheho e ea kopanong ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2006 ’me bo sebelisoe hape nakoana ka mor’a kopano. Molebeli ea okamelang o tla hlophisa hore ho be le tlhahlobo pele ho kopano le ka mor’a eona, joalokaha ho hlalositsoe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea August 2004, leqepheng la 4. Tlhahlobong ea ka mor’a kopano, lipotso tsohle li lokela ho botsoa, ho hatisoe kamoo re ka sebelisang boitsebiso bo fanoeng.
LETSATSI LA PELE
1. Re apara botho bo bocha joang, hona ke hobane’ng ha re lokela ho bo sireletsa?
2. Ba bang ba ekelitse nako eo ba e qetang mosebetsing oa boboleli joang?
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ipapisa le ba bang?
4. Litho tsa lelapa li ka bonahatsa botho bo bocha joang ka lapeng?
5. Re ka tšehetsa phutheho ka botšepehi joang?
6. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re bonahatse botho bo bocha tšebeletsong ea tšimo?
7. Ho thuisa ho loketseng ho akarelletsa’ng, hona re ka rua molemo joang ha re thuisa joalo?
8. Ke litšobotsi life tse tla etsa hore re be bonolo matsohong a Jehova?
LETSATSI LA BOBELI
9. Ho sebelisa maleme a rōna ka nepo ke habohlokoa hakae?
10. Ho bua ka tlhompho le basebetsi-’moho, liithuti-’moho le ba bang ho tlisa melemo efe?
11. Re ka sebelisa keletso ea Pauluse e ho Baefese 4:25-32 joang ha re sebelisana le balumeli-’moho le rōna?
12. Re ka sebelisa maleme a rōna ka tsela efe e hlomphehang ka ho fetisisa?
13. Re lokela ho etsa’ng e le hore re ka hlōla ea khopo?
14. Re lokela ho loanela ho lula re se na letheba lefatšeng likarolong life?
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho nchafatsa motho eo re leng eena ka hare letsatsi le letsatsi, hona re ka etsa seo joang?
16. U rerile ho sebelisa keletso efe eo u e fumaneng lenaneong la kopano ea potoloho ea selemo see?