Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 11 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho shebella video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? ha ba lokisetsa puisano e tla tšoaroa Sebokeng sa Tšebeletso sa beke ea la 25 September. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa September 15 le Tsoha! ea September e ka tsamaisoang kateng. Pontšo e ’ngoe e bontše tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Ke na le bolumeli ba ka.”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, maq. 18-19.
20 mets: Rua Molemo Sebokeng sa Tšebeletso le Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, ho tloha sehloohoaneng se leqepheng la 64 ho ea ho se leqepheng la 69.
15 mets: Lengolo le Tsoang Lekaleng. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng lengolong le leqepheng la pele la Tšebeletso ena ea Rōna ea ’Muso.
Pina ea 126 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 September
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Molebeli oa tšebeletso o hlahloba tlaleho ea selemo sa tšebeletso se fetileng, o totobatsa likarolo tseo ho tsona phutheho e sebelitseng hantle tšebeletsong. E babatse moo ho loketseng. Bua ka karolo e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka li elang hloko selemong sena. Bua ka mosebetsi oa bo-pula-maliboho, u ba babatse ka mosebetsi oa bona o motle. Bolela melemo e ileng ea finyelloa ka lebaka la boiteko ba ho thusa ba sa kopaneleng tšebeletsong.
25 mets: “Phutuho e Khethehileng ka la 16 October–12 November!” Moholo o tšohla sehlooho sena ka cheseho. Ka mor’a ho bala tsebiso e lengolong la la 6 June, 2006, le eang ho sehlopha sa baholo, lokisetsa hore motho e mong le e mong ea teng a fuoe pampitšana e le ’ngoe ea Kingdom News No. 37. Ebe u tsoela pele ho tšohla sehlooho sena ka lipotso le likarabo. Bolela litokisetso tsa phutheho tsa ho sebetsa tšimo eohle. Khothalletsa bahoeletsi bohle ho ikakhela ka setotsoana phutuhong ena. Etsa pontšo e khutšoanyane ea se ka buuoang.
Pina ea 50 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 September
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Li etsoe ke molebeli oa tšebeletso. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Tšohla litokisetso tsa tšimo e sa abuoang ka October. Ena ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Khothalletsa bohle hore ba kopanele ka ho feletseng ho eona. Ka lebaka la phutuho ea ho tsamaisa pampitšana e khethehileng, liphutheho li khothalletsoa hore li qete ho sebetsa tšimo e sa abuoang ka la 15 October. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa October 1 le Tsoha! ea October e ka tsamaisoang kateng mosebetsing oa seterateng.
25 mets: “Video e Susumetsang Motho ho Nahana ka Matla.”a Ha ho tšohloa serapa sa 1, kōpa phutheho hore e hlalose hakhutšoanyane hore na e ikutloa joang ka video ea Young People Ask—How Can I Make Real Friends? Kena tabeng hang ka mor’a moo ka ho tšohla potso e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang serapeng sa 2-7. Ha u lihela likhala, khothalletsa malapa hore haufinyane a boele a shebelle hammoho DVD e nang le sehlooho se reng Young People Ask—What Will I Do With My Life?
10 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba tsamaisa Tsoha! e khethehileng kapa ha ba qalisa lithuto tsa Bibele leetong la pele ba sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Phihlelong e le ’ngoe kapa tse peli, ho ka ’na ha etsoa pontšo ea se hlileng se etsahetseng.
Pina ea 183 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 2 October
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla Lebokose la Lipotso.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “Ho Paka ka Ntlo le Ntlo.”b Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba buelle mangolo a bontšitsoeng.
Pina ea 127 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.