Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Ho nehetsoe Liholo tse ncha Tsa ’Muso tse ’maloa ’me re thaba le liphutheho tse latelang: Riverview le Mpofana (Kwa-Zulu Natal), Boitekong (haufi le Rustenburg), Palm Springs le Comet (Gauteng), Mgobodi (Mpumalanga), Mankopane le Glen Cowie (Profinseng ea Limpopo), Malmesbury (Western Cape) le Kasane (Botswana). Liphutheho tsena tse leshome kaofela li leboha ho tsoa botebong ba pelo ka thuso e fanoeng ke Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka le basebetsi ba tsona ba baithaopi. Re leboha ba iteletseng ho thusa mesebetsing ena ea kaho.