Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/06 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 October
  • Beke e Qalang ka la 16 October
  • Beke e Qalang ka la 23 October
  • Beke e Qalang ka la 30 October
  • Beke e Qalang ka la 6 November
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 10/06 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 October

Pina ea 25

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa October 15 le Tsoha! ea October li ka tsamaisoang kateng hammoho le Kingdom News No. 37.

15 mets: “Thusa Batho ba Bang Hore e be Metsoalle ea Molimo.”a Kōpa bamameli hore ba bolele hore na mohlala oa batho ba bang le thapelo e tlohang botebong ba pelo li ba thusitse joang hore ba hatele pele ho fihlela ba kolobetsoa.

20 mets: Lokisetsa ho Aba Kingdom News No. 37. Puo le puisano le bamameli. Hlahloba litokisetso tsa phutuho joalokaha ho builoe ka tsona Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September. Khothalletsa e mong le e mong ho kopanela phutuhong ena ka cheseho. Khothalletsa ba khannang lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele hantle hore ba nahane hore na liithuti tsa bona li ka tšoanelehela ho kopanela phutuhong e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Batsoali le bona ba ka nahana hore na bana ba bona ba ka tšoaneleha kapa che. Ka bokhutšoanyane bolela lintho tse hlokahalang tse bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova leqepheng la 79-81.

Pina ea 221 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 October

Pina ea 84

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

20 mets: Rua Molemo Thutong ea Buka ea Phutheho. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, ho tloha sehloohoaneng se leqepheng la 69 ho ea sehloohoaneng sa pele se leqepheng la 72.

15 mets: “Ke Ntho Efe eo U e Etelletsang Pele?”b Kōpa bahoeletsi ba khethiloeng esale pele hore ba bolele kamoo ba fetotseng kemiso ea bona kateng e le hore ba etelletse mesebetsi e amanang le ’Muso pele ’me ba bolele melemo eo ba e fumaneng ka ho etsa joalo.

Pina ea 172 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 October

Pina ea 58

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa November 1 le Tsoha! ea November e ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, bontša tsela ea ho araba motho ea batlang ho khaoletsa moqoqo ka ho re “Ke hobane’ng ha le etela batho hangata hakaale?”—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leq. 20.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Rua Molemo ka Botlalo Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo.”c Ha le tšohla serapa sa 3, akarelletsa le litlhaloso tse Lebokoseng la Lipotso le Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2001, serapeng sa 4, mabapi le hore na litaba li lokela ho sebetsoa joang ha ho se na barab’abo rōna ba tšoanelehang ba ka khannang seboka seo.

Pina ea 143 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 October

Pina ea 207

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ’me ka morao ho tlaleho ba ngole palo ea lipampitšana tsa Kingdom News No. 37 tseo ba li tsamaisitseng.

20 mets: Sehlooho se reng “Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006 ea ‘Topollo e Atametse!’” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2006.d E fanoe ke mongoli oa phutheho. Ka mor’a ho tšohla serapa sa 1, bala lengolo la kopano la la 15 July, 2006. Khothalletsa bohle ho qalella esale pele ho etsa litokisetso tsa kopano.

15 mets: Liphihlelo Tsa ho Tsamaisa Kingdom News No. 37. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse khothatsang tseo ba bileng le tsona ha ba ntse ba aba Kingdom News No. 37. Fana ka tlaleho ea hore na ho sebelitsoe tšimo e kae ho tla fihlela mothating ona le hore na ho tla hlokahala eng e le hore e be e sebelitsoe kaofela ka la 12 November. Lokisetsa pontšo ea leeto la ho boela u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Hopotsa bahoeletsi hore ba khutlise li-Kingdom News leha e le life tseo ba ke keng ba khona ho li tsamaisa pele phutuho e fela e le hore ba bang ba ka li sebelisa.

Pina ea 136 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 November

Pina ea 146

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 3-4 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo e ka tsamaisoang kateng karolong e qetellang ea November. Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse monate tseo ba bileng le tsona ha ba sebelisa buka ena tšimong kapa malapeng a bona.

15 mets: Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato. Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa October 15, 2006, leqepheng la 28-31.

20 mets: Sehlooho se reng “Lula U Lebeletse Jehova” kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 2006.e Bolela hore na phutheho ea habo lōna e abetsoe ho ea kopanong efe. Kōpa bamameli ho bolela hore na ke joang ho qhoaela libeche tsa rōna tsa kopano ka linako tsohle ha re le motseng oa kopano ho ka re fang monyetla oa ho paka. Khothalletsa bamameli ho sebelisa menyetla e hlahang ea ho fana ka bopaki bo sa reroang le ho sebelisa foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ho tlaleha motho leha e le ofe ea fumanoeng ea thahasellang.

Pina ea 8 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela