Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Buka efe kapa efe ea khale eo phutheho e nang le eona setokong, ho akarelletsa le buka ea Tsebo. Haeba le se na tsona setokong, re kōpa hore le botse liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka tsamaisa bukana ea Le Lule le Lebetse! February: Atamela ho Jehova. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso sa 2008 se tla ba ka Moqebelo oa la 22 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele e le hore barab’abo rōna ba ka etsa litokisetso tse hlokahalang kapa ba hira liholo tse ka fumanehang haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho hlokahala hore ho fumanoe sebaka se seng. Maemong a joalo, baholo ba lokela ho etsa tumellano le baokameli ba sebaka e le hore ho se ke ha e-ba le litšitiso ka lebaka la lintho tse ling tse ka etsoang ka har’a mohaho. Kaha Sehopotso ke sa bohlokoa, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha e mong oa baholo ba tšoanelehang haholoanyane hore a fane ka puo ho e-na le hore ba lule ba chenchana kapa ba sebelisa mor’abo rōna a le mong selemo se seng le se seng. Leha ho le joalo, haeba ho e-na le moholo oa motlotsuoa ea ka khonang ho fana ka puo ena, ho lokela ho khethoe eena.
◼ Molula-Qhooa oa October 15, 2006 o na le sehlooho se reng, “Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho.” Serapa sa 14 se bua ka mofuta oa manyalo a teng libakeng tse ling tsa naha ena le linaheng tsa boahelani. Ka kōpo kenyelletsang lipolelo tse latelang qetellong ea serapa sa 14 sa limakasine tsa lōna:
“Haeba ka mor’a nako e itseng Bakreste ba nyalaneng ka mokhoa oa moetlo o amoheloang ka molao ba khetha hore ba boele ba tiise lenyalo la bona ’musong (eseng Holong ea ’Muso), eo ke taba ea botho. Bohato boo ba bobeli ba molao ha bo eketse letho tabeng ea ho tšoaneleha ha lenyalo. Ho tla be ho se na lebaka la hore joale ho lokisetsoe puo ea lenyalo le mokete.”
◼ Ka kōpo ngolang lebitso le nomoro ea phutheho le nomoro ea depo kapa aterese ea poso mangolong ’ohle a romeloang ofising ea lekala. Sena se tla thusa haholo hore lengolo le ee lefapheng le nepahetseng kapele kamoo ho ka khonehang. E mong le e mong ea ngolang lengolo o lokela ho ngola lebitso la hae le aterese eo lengolo le ka khutlisetsoang ho eona k’honeng e holimo ka letsohong le letšehali la enfelopo.
◼ Ho Bahlanka ba Lingoliloeng: Re lakatsa ho hlakisa se boleloang ke lentsoe “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng. Haeba ho e-na le ntho e felileng ka nakoana setokong, e tla ngoloa tlas’a “Pending” lethathamong la lintho tse rometsoeng. Ha ho hlokahale hore ntho eo e odaroe hape. Hang ha setoko sa eona se fihla, e tla romeloa. Hlokomelang hore ho ka ’na ha nka nako e telele pele re fumana lintho tse tsoang makaleng a mose ho maoatle, tse kang li-CD-ROM, li-DVD le likhatiso tsa lipuo tsa linaha tse ling.
Bahlanka ba bang ba lingoliloeng ba botsitse hore na ba lokela ho romela Literature Request Form (S-14) neng e le hore ba fumane lingoliloeng tsa bona ka nako. Ka kōpo hlahlobang kemiso ea teraka ea mokhatlo e tsamaisang thepa. S-14 e lokela ho siuoa depong bonyane letsatsi le le leng pele ho letsatsi leo teraka e tlisang thepa ka lona. Balebeli ba lidepo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le terei e ngotsoeng ka ho hlaka e sebelisetsoang morero ona. Mokhanni oa teraka o tla nka S-14 ’me lintho tse odariloeng li tla romeloa lekhetlong le latelang leo teraka e tla tla ka lona, haeba li le teng setokong. Thepa e tsamaisoa ka mor’a libeke tse ’nè ho isa ho tse hlano. Ke habohlokoa hore le lule le romela Literature Request Form (S-14) esita le haeba le hloka lintho tse seng kae feela.
◼ Tsebiso ea Bohlokoa: Ha le romela chelete ofising ea lekala, re kōpa hore le tiise hore le sebelisa ak’haonte e ncha ea ABSA kapa ea Postbank joalokaha ho boletsoe lengolong la la 1 September, 2006 le eang Ho Lihlopha Tsohle Tsa Baholo le Bahlanka ba Liak’haonte ba Afrika Boroa. Bahoeletsi ba romelang menehelo ea bona lekaleng ka thomello ea elektronike ba lokela ho tiisa hore ba kenya chelete ak’haonteng e nepahetseng. Le ka fumana boitsebiso ba banka ho baholo. Le ka fumana lintlha tse eketsehileng ka ho letsetsa Accounting Office nomorong ena ea mohala (011) 761-1323. Molebeli ea okamelang o lokela ho etsa bonnete ba hore tataiso e fanoeng lengolong lena ea sebelisoa ’me a tiise hore mohlanka oa liak’haonte o fuoa kopi ea lona. Hape molebeli ea okamelang o lokela ho etsa bonnete ba hore mohlanka oa liak’haonte o fuoa likopi tsa mangolo a buang ka “Litaelo Tse Nolofalitsoeng Tsa Liak’haonte” le hore a tšohloa le eena.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 2001-2005—Senyesemane