Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/07 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 2/07 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 February, 2007. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 1 January ho ea ho la 26 February, 2007. [Hlokomela: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Molemo o sebetsang oa taba o lokela ho bontšoa neng, hona re ka o bontša joang? [be-SU leq. 158 lir. 2-4]

2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re thuse batho hore ba bone molemo o sebetsang oa taba eo re e buang, hona re ka etsa seo joang? [be-SU leq. 159 lir. 3-4]

3. Ke hobane’ng ha khetho ea rōna ea mantsoe e le ea bohlokoa? [be-SU leq. 160]

4. Ke eng e tla re thusa ho sebelisa mantsoe a sa tšoaneng ka tsela e nepahetseng? [be-SU leq. 161 lir. 5-6; leq. 162 lir. 1, 4]

5. Ho bua re sebelisa kemiso eo re iketselitseng eona ka hloohong kapa eo re e ngotseng ho na le melemo efe? [be-SU leq. 166 lir. 1-3]

PUO EA 1

6. Ho lokisetsa kabelo ea ho bala ho akarelletsa eng? [be-SU leq. 43 lir. 2, 4]

7. Ho hlokahala eng hore re etsise Jehova ka ho rata se nepahetseng le ka ho hloea se fosahetseng? (Baheb. 5:14) [w05-SU 1/1 leq. 9 ser. 11]

8. Re lokela ho hopola eng haeba re bala Bibele ’me taba e itseng e etsa hore re ipotse hore na Molimo o entse lintho ka tsela e hlokang leeme kapa e lokileng? [w05-SU 2/1 leq. 24 ser. 7]

9. Re lokela ho etsa joang haeba seo batho ba se batlang se hohlana le molao oa Molimo? [w05-SU 4/15 leq. 12 ser. 9]

10. Ke joang Esaia e tsepamisang mohopolo ’Musong oa Mesia le ho lenģosa, Johanne Mokolobetsi? [si-SU leq. 123 ser. 35]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. “Sekoahelo” le “moloho” o boletsoeng ho Esaia 25:7 ke eng?

12. Ke joang batho ba ka ‘bonang’ Jehova le ho mo “utloa”? (Esa. 30:20, 21)

13. ’Nete Kapa Bohata: Thapelo ea Ezekiase e tlalehiloeng ho Esaia 38:3 e ne e susumetsoa feela ke hore o ne a batla ho phela nako e teletsana.

14. Baiseraele ba ne ba ka sebeletsa Jehova e le lipaki tsa hae joang, hona re ka ba etsisa joang? (Esa. 43:10)

15. Tumellanong le mohlala oa boprofeta o boletsoeng ho Esaia 52:11, 12, ho hlokahala’ng e le hore re ka ‘jara lijana tsa Jehova’?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela