Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/07 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 2/07 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka February: Atamela ho Jehova. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le ofe oa bona a sa khone ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore a thusoe. Hlahlobang mangolo a selemo a S-201 bakeng sa litlhahiso.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng ea nako ea Sehopotso sa 2007 e tla ba ka la 15 April, ’me sehlooho sa eona se re “U ka Ikutloa U Sireletsehile Lefatšeng Lena le Tletseng Likhathatso!” Bona tsebiso e amanang le ena Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea October 2006.

◼ Liphutheho tsohle li rometsoe limemo tse khethehileng tsa Sehopotso ’me mohoeletsi ka mong o tla fumana tse 30 ho itšetlehile ka lipuo tseo Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e romeloang ka tsona. Liphutheho tse hlokomeloang ke mohokahanyi oa libuka li lokela ho fumana limemo tsa tsona ho eena. O lokela ho tiisa hore phutheho ka ’ngoe eo e leng mohokahanyi oa eona e fumana limemo tseo e li rometsoeng hang-hang joalokaha li bontšitsoe lethathamong la lintho tse rometsoeng. Liphutheho li ke ke tsa romeloa limemo tse eketsehileng.

◼ Ho tloha ka litokollo tsa July 2007, ha ho sa tla ba le lik’hasete tsa mantsoe tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Senyesemane le Sepotoketsi. Liodara tseo re nang le tlaleho ea tsona hona joale li tla emisoa ha nako eo e fihla. Shebang leqephe le thathamisitseng lipuo tseo limakasine li hatisoang ka tsona ho bona mefuta e fumanehang eo li hlahisoang ka eona le eo le ka e odarang. Ka mor’a nako e itseng, lik’hasete tsohle tsa mantsoe le tsa video ha li sa tla hlola li e-ba teng ’me li tla nkeloa sebaka ke li-CD-ROM le li-DVD.

◼ Joale liphutheho li ka qala ho romela liodara tsa Watchtower Library—2006. Ke odara e khethehileng ’me e etselitsoe Lipaki Tsa Jehova feela. Ba neng ba se ba odarile khatiso ea 2005 ba tla romeloa khatiso ena e ncha. Watchtower Library—2006 e tla ba le lenaneo le lecha le bitsoang Watchtower Reader. Ho bonolo ho ithuta lenaneo lena le ho le sebelisa kaha le na le window e le ’ngoe le lebokose le le leng leo ho lona ho ngoloang lentsoe le batloang. Watchtower Reader e ka ’na ea fumaneha ka lipuo tse eketsehileng ’me nakong e tlang khatiso eo e ntlafalitsoeng e tla ba Watchtower Library. Kahoo, batho ba e sebelisang ba khothalletsoa ho tseba Watchtower Reader ha ba itokisetsa litokollo tsa nakong e tlang. Mananeo ana a mabeli a hloka Windows 98, Millennium, NT, 2000, XP kapa lenaneo le fetang ao.

◼ Tlhokomeliso e eang ho bahokahanyi ba libuka le bangoli ba liphutheho: Ha le founela lekaleng mabapi le lingoliloeng tse rometsoeng ka phoso, re kōpa hore ha ho khoneha le foune le tšoere (ma)lethathamo le kentsoeng ka lebokoseng la lintho tse rometsoeng. Haeba le ngolla ofisi ea lekala, re kōpa hore le romele kopi ea lethathamo la lintho tse rometsoeng.

◼ DVD e Ncha ea Lipuo Tse Fapa-fapaneng e Fumanehang:

Young People Ask—What Will I Do With My Life? Sefora, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi, Serussia le Setaliana (Li ho DVD e le ’ngoe)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela