Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 March
  • Beke e Qalang ka la 19 March
  • Beke e Qalang ka la 26 March
  • Beke e Qalang ka la 2 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 3/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 12 March

Pina ea 153

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa March 15 le Tsoha! ea March li ka tsamaisoang kateng.

15 mets: Ha eo U mo Ratang a Khaotsa ho Sebeletsa Jehova. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa September 1, 2006, leqepheng la 17-21.

20 mets: “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola.”a Ha ho tšohloa serapa sa 3, kopanyelletsa le lintlha tse tsoang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea March 2006, leqepheng la 1, serapeng sa 3, tse bontšang tsela eo ka eona re ka sebelisang buka ea Seo Bibele e se Rutang ha re hlalosa tšebeletso ea Sehopotso ho batho ba thahasellang bao re ba memang.

Pina ea 168 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 March

Pina ea 45

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba lintlha-khōlō tsa lebokose la “Likhopotso Tsa Sehopotso” leqepheng la 3.

20 mets: Litsela Tsa ho Atolosa Tšebeletso ea Hao. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng khaolong ea 10 ea buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.

15 mets: “U Tla Araba Joang?”b Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane e bontšang hore na ka linako tse ling sehlooho sena se ka sebelisoa joang thutong ea lelapa.

Pina ea 216 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 March

Pina ea 115

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa March. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April li ka tsamaisoang kateng hammoho le sememo se khethehileng sa Sehopotso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: Ke Lokela ho Etsa’ng ka Bophelo ba Ka? Puo e thehiloeng Tsoheng! ea July 2006, leqepheng la 23-5. Buisana le motho a le mong kapa ba babeli ba ileng ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng ha ba qeta sekolo se phahameng. Ke hobane’ng ha ba ile ba khetha ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Ba ruile melemo efe?

Pina ea 148 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 April

Pina ea 177

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba memo e leqepheng la 32 la Molula-Qhooa oa April 1, 2007, ’me u khothalletse bahoeletsi hore ba memele batho ba thahasellang puong ea phatlalatsa e khethehileng e tla fanoa ka la 15 April.

20 mets: Tsoela Pele ho Thusa ba Neng ba le Teng Sehopotsong. Puo ka moholo. Bolela hore na ho ne ho e-na le batho ba bakae Sehopotsong sa phutheho ea habo lōna le hore na e ka ’na eaba ho ne ho e-na le batho ba bakae ba thahasellang. Pheta liphihlelo tse ikhethang mabapi le batho ba ileng ba amohela sememo se khethehileng sa Sehopotso kapa ba ileng ba ea ho bahlokomeli ka mor’a Sehopotso ba kōpa hore ba khanneloe thuto ea Bibele. Fana ka litlhahiso tsa hore na ba neng ba le teng ba ka thusoa ka ho eketsehileng joang moeeng. (Bona km-SU 3/06 leq. 1, ser. 5; km-SU 2/05 leq. 4, ser. 9; km-SU 2/04 leq. 5, ser. 16.) Khothalletsa bahoeletsi hore ba ba thuse ntle ho tšenyo ea nako.

15 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2007 Hamolemo. Puo le puisano le bamameli. Hlahloba lintlha-khōlō tsa “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang.” Totobatsa lintlha tse ikhethang tsa “Tlaleho ea Lefatše ka Bophara.” Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi ba seng bakae ba phete litlaleho le liphihlelo tseo ba boneng li haha le ho matlafatsa tumelo ka ho khethehileng. Khothalletsa malapa hore a bale buka ena ea selemo hanyane ka hanyane har’a selemo ho fihlela a qeta ho e bala. Bolela litlhahiso tsa kamoo re ka sebelisang buka ena kateng ho lebisa batho ba bacha mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova le ho ba khothalletsa ho ba teng libokeng.

Pina ea 179 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela