Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/07 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 4/07 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 April, 2007. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 March ho ea ho la 30 April, 2007. [Hlokomela: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka etsa joang hore kemiso ea rōna ea puo e lule e le bonolo? [be-SU leq. 168 ser. 4]

2. Bolela litsela tse ’nè tseo ka tsona re ka behang puo ka mokhoa o utloahalang. [be-SU leq. 170 ser. 3–leq. 172 ser. 4]

3. Ke lintlha life tseo re lokelang ho li hopola ha re etsa qeto ea hore na ke eng e lokelang ho kenyelletsoa puong? [be-SU leq. 173 lir. 1-2]

4. Melemo ea ho fana ka puo ho sa baloe kemiso ke efe? [be-SU leq. 175 lir. 2-4]

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bue ka mokhoa oa ho qoqa, hona re ka etsa joang e le hore re bue joalo? [be-SU leq. 179 ser 4, lebokose; leq. 180, lebokose]

PUO EA 1

6. Mor’abo rōna o lokela ho lokisetsa joang ha a abetsoe ho fana ka puo ea lintlha-khōlō tsa ’malo oa Bibele oa beke le beke? [be-SU leq. 47 lir. 3-4]

7. Ke eng eo e leng ea bohlokoa haholo ka thekollo ea Kreste ho feta melemo eo re e fumanang ho eona? [w05-SU 11/1 leq. 14 ser. 1]

8. Mangolo a bontšitsoeng puong ea phatlalatsa a lokela ho sebelisoa joang? [be-SU leq. 53 lir. 1-2]

9. Joaloka mosuoe, Jesu o ne a ruta ka sepheo sefe, hona re ka mo etsisa joang? [be-SU leq. 57 ser. 1]

10. Ke hobane’ng ha ho bontša phapang pakeng tsa lintho e le tsela e molemo ea ho ruta? [be-SU leq. 57 lir. 3-4]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ke joang re ka ikitlaelletsang ho sebelisa keletso e ho Jeremia 6:16 ea ho tsamaea “ka litsela tsa khale, moo, joale, ho nang le tsela e ntle”?

12. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha mohlala oa mokotatsie ho ruta Bajuda ba sa tšepahaleng, hona re ka ithuta’ng tabeng ee? (Jer. 8:7)

13. Jeremia 15:17 e ama tsela eo re talimang boithabiso ka eona joang kajeno?

14. Ke joang batho ba tšoanang le letsopa matsohong a Sebōpi se Seholo, Jehova? (Jer. 18:5-11)

15. Ke joang tatellano ea lichaba e lethathamong le ho Jeremia 25:17-26 e leng ea bohlokoa mehleng ea rōna?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela