Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?
◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho lula ba e-na le liforomo tse lekaneng tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Liforomo tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane le be le tse ka qetang selemo. Etsang bonnete ba hore liforomo tsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla li tlatsitsoe ka botlalo pele li romeloa ofising ea lekala.
◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Neng kapa neng ha ho e-ba le phetoho, kapele-pele Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29), ’me e e tekene le ho e romela ofising ea lekala. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa code ea thelefono.
◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me u rera ho ea libokeng tsa phutheho, kopanong e nyenyane kapa ea setereke sebakeng seo, u lokela ho kōpa boitsebiso bo mabapi le matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng eo. Ho thathamisitsoe liaterese tsa liofisi tsa makala leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.
◼ Ba bang ba botsitse hore na ba ka kopiletsa batho ba bang phuthehong Watchtower Library e ho CD-ROM, kapa ba lumella ba bang ho kenya lenaneo la eona lik’homphieutheng tsa bona ebe ba khutlisetsa CD-ROM ho bona. Tumellano e laesenseng ea eona e hlahang ha motho a kenya lenaneo k’homphieutheng, le e sehlomathisong sa karolo ea Help, e bolela hore ntho e joalo ha ea lumelloa. Bara le barali babo rōna ba khothalletsoa ho iphumanela Watchtower Library ea bona ka ho e odara ka phutheho.
◼ Mongoli o lokela ho tiisa hore Komiti ea Kaho ea Libaka e tsebisoa boemo ba morao-rao ba bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba faneng ka liforomo tsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82). Ha boemo ba moithaopi bo fetoha, mohlomong a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ho lokela ho tlatsoe foromo e ncha hang-hang ’me e romeloe. Haeba aterese kapa nomoro ea thelefono ea moithaopi e fetoha kapa a se a se boemong bo botle ka phuthehong, baholo ba lokela ho tsebisa Komiti ea Kaho ea Libaka kapele-pele ka ho e ngolla lengolo. Likopi tsa liforomo tse tlatsitsoeng tsa S-82 tse faeleng ea phutheho li lokela ho fuoa molebeli oa potoloho hore a li hlahlobe ha a etetse phutheho.
◼ Re boetse re lokisetsa hore ho be le kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng ea puo ea matsoho Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 13 May, 2007. Kopano ea potoloho ea puo ea matsoho e tla tšoaroa ka la 25 le la 26 August, 2007, hona Eikenhof. Ho phaella moo, re thabela ho tsebisa batho ba tšimong ea litholo hore ka lekhetlo la pele ho lokiselitsoe hore ho be le kopano ea setereke ea puo ea matsoho ka la 14-16 December, 2007, Holong ea Kopano ea Eikenhof. Re etsa tsebiso ena esale pele e le hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng tšimong ea litholo ea Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani ba ka ba teng.
◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ha le letsetsa ofising ea lekala, re kōpa hore le hopole lintlha tse latelang: (1) Ntle le maemong a tšohanyetso, re kōpa hore le letsetse litho tsa lelapa la Bethele mabapi le litaba tsa botho ka mor’a lihora tsa mosebetsi. (2) Ha u letsa mabapi le bothata bo itseng kapa potso, ka kōpo bolela ka ho hlaka hore na u letsa u le hokae le taba eo u lakatsang ho bua ka eona. Ha re khothalletse baholo hore ba kōpe ho bua le mor’abo rōna mang-mang kaha mohlomong o abetsoe ho sebetsa lefapheng le leng kapa ebe ha a fumanehe hore a fane ka thuso. Motho ea amohelang mehala o tla khona ho u fetisetsa lefapheng le loketseng. Ka kōpo leka ho khutsufatsa taba ka hohle kamoo u ka khonang e le ho boloka nako ea bohlokoa. (3) Haeba u batla ho bua ka bothata bo u amang, ka kōpo buisana ka bona le baholo ba phutheho ea heno pele u letsetsa ofising ea lekala. Ba boemong bo botle haholo ba ho u thusa ka lipotso tsa hao le mathata. Ntle le ha taba e potlakile, re khothalletsa BOHLE, ho akarelletsa le baholo hore ba ngole lengolo le hlalosang bothata ho e-na le ho letsa. Re tla thabela ho sebetsa taba eo kapele-pele.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 1992, leqepheng la 5.