Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 9 April
  • Beke e Qalang ka la 16 April
  • Beke e Qalang ka la 23 April
  • Beke e Qalang ka la 30 April
  • Beke e Qalang ka la 7 May
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 4/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 9 April

Pina ea 201

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle hore ba shebelle tšoantšiso ea DVD e nang le sehlooho se reng Young People Ask—What Will I Do With My Life? ha ba lokisetsa puisano e tla tšoaroa bekeng e tlang Sebokeng sa Tšebeletso. Totobatsa lebokose la “Main Menu,” ’me u hlalose kamoo ho ka buloang likarolo tse sa tšoaneng tsa DVD. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa April 15 le Tsoha! ea April li ka tsamaisoang kateng. Pontšong e ’ngoe, e-re mohoeletsi a botse potso eo a tla e araba leetong la ho boela.

15 mets: “Bohle re ka Kenya Letsoho ho Etseng Barutuoa ba Bacha.”a Ha u tšohla serapa sa 4, kōpa bamameli hore ba bolele kamoo litho tsa phutheho li ba khothalitseng kateng pele ba kolobetsoa. Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

20 mets: “Kamoo re ka Etsang Hore Batho Bao re ba Tsamaisetsang Limakasine e be Lithuto Tsa Bibele.”b Lokisetsa hore ho be le pontšo e khutšoanyane ea kamoo ho ka sebelisoang tlhahiso e ’ngoe ho tse serapeng sa 2. Hopotsa bahoeletsi hore thuto ea Bibele e ka tlalehoa ha e se e khanniloe ka makhetlo a mabeli ka mor’a hore motho a bontšoe kamoo e khannoang kateng ’me ho totobetse hore e tla tsoela pele.

Pina ea 43 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 April

Pina ea 161

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.

15 mets: ‘Bolela Lentsoe la Molimo U sa Tšabe Letho.’c Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.

20 mets: “U Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Hao?”—Karolo ea 1.d Ka mor’a ho hlalosa ka bokhutšoanyane lintlha tse serapeng sa 1-2, kena tabeng hang-hang ’me u tšohle potso ka ’ngoe ho tse serapeng sa 3-4. Ha u tšohla potso ea 4 serapeng sa 3, lokisetsa hore ho baloe mangolo ao ka bobeli. Ha u phetha, hlahloba lebokose la “Main Menu.” Khothalletsa e mong le e mong ho shebella karolo ea “Interviews” le ea “Supplementary Material” ea DVD ena ha a lokisetsa puisano ea Seboka sa Tšebeletso sa beke e tlang.

Pina ea 207 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 April

Pina ea 215

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 8 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May li ka tsamaisoang kateng.

10 mets: Bonang! Leseli Lea Hlolla! Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa March 15, 2007, leqepheng la 12-14.

25 mets: “U Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Hao?”—Karolo ea 2.e Kena tabeng hang-hang, ’me u tšohle potso ka ’ngoe ho tse serapeng sa 5-7. Qetella ka boipiletso bo mofuthu bo serapeng sa 8.

Pina ea 172 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 30 April

Pina ea 186

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April.

20 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Tsoheng! ea April 8, 2002, leqepheng la 14-16. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba pakela bao ba kenang sekolo le bona.

Pina ea 44 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 7 May

Pina ea 164

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng khaolong ea 11 ea buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.

20 mets: “Ha Batho ba le Sieo Lapeng.”f E behoe ke molebeli oa tšebeletso.

Pina ea 178 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

f Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela