Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 June, 2007. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 7 May ho ea ho la 25 June, 2007. [Hlokomela: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka etsa joang e le hore ha re bua, re fokotse khatello ea kelello e le ho ntlafatsa boleng ba lentsoe la rōna? [be-SU leq. 185 lir. 1-3]
2. Re ka ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle’ joang tšebeletsong ea rōna? (1 Bakor. 9:20-23) [be-SU leq. 186 lir. 2-4]
3. Re ka etsisa mohlala oa Jehova oa ho mamela ba bang joang? (Gen. 18:23-33; 1 Mar. 22:19-22) [be-SU leq. 187 lir. 1-2, 5]
4. Re ka sebelisa litsela life tse atlehang tsa ho thusa batho ba bang hore ba hatele pele moeeng? [be-SU leq. 187 ser. 6–leq. 188 ser. 3]
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka ho bontša batho ba bang tlhompho? [be-SU leq. 190 ser. 3, lebokose]
PUO EA 1
6. Ke hobane’ng ha re tlameha ho ikitlaelletsa ho finyella lipelo tsa batho bao re ba rutang? [be-SU leq. 59 ser. 1]
7. Mohlala oa rōna o ama batho bao re ba rutang joang? [be-SU leq. 61 ser. 1]
8. Re ka ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho qoqa joang ka malapeng? [be-SU leq. 62 ser. 3]
9. Moprofeta Jeremia o re behetse mohlala o motle joang oa ho bolela ka sebete le ka cheseho? [si-SU leq. 129 ser. 36]
10. Buka ea Lillo Tsa Jeremia e bolela tšepo efe, empa ke hobane’ng ha e le molemo bakeng sa ho bontša likahlolo tse boima tsa Molimo ho ba khopo? [si-SU leq. 132 ser. 13]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Tumellanong le phihlelo ea Jeremia e hlalositsoeng ho Jeremia 37:21, re ka kholiseha ka eng?
12. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Baruke a ile a re Jehova o ne a “ekelitse mesarelo bohlokong” ba hae, e leng se ileng sa etsa hore a ‘tepelle,’ hona Baruke o ile a etsa’ng ka bothata boo qalong? (Jer. 45:1-5)
13. Babylona e ile ea khaotsa ho ba le baahi neng, eaba “kaofela ha eona e . . . fetoha lesupi”? (Jer. 50:13)
14. Ho Lillo Tsa Jeremia 3:8, 9, 42-45 ho hlakisitsoe molao-motheo ofe mabapi le thapelo?
15. Koloi e hlalositsoeng ho Ezekiele khaolo ea 1 e tšoantšetsa eng?