Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/07 maq. 2-3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 6/07 maq. 2-3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka June: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Le Lule le Lebetse!, Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsang boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele leetong la pele. Haeba beng ba matlo ba se ba ntse ba e-na le buka ena, ba bontšeng hore na e ka ba ruisa molemo joang ka hore ka bokhutšoanyane le ba bontše kamoo ho tšoaroang thuto ea Bibele kateng.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha (li)ak’haonte eo e se e hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa nakong ea tlaleho e latelang ea liak’haonte. Ka lebaka la molao oa SARS o hlokang hore liphutheho li ngolisoe e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (Public Benefit Organizations [PBO]), ho kōptjoa hore liphutheho li romele liak’haonte tsa tsona tsa March, April le May ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Mongoli le mohlanka oa liak’haonte ba lokela ho tiisa hore liak’haonte li feletse li bile li hlophisehile le hore ba fane ka boitsebiso bo latelang: Leqephe la Liak’haonte (S-26), Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30), Lirasiti (S-24), maqetšoana a litšenyehelo le seteitemente sa banka sa khoeli ka ’ngoe (haeba phutheho e e-na le ak’haonte ea banka). Ngolang ka ho hlaka hore lintho tsena li ea Accounting Office—PBO Registration.

◼ Haufinyane phutheho ka ’ngoe e tla romeloa setoko sa selemo le selemo sa liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2008 ka lienfelopong tse khōlō, ’me li tla romeloa ka liphutheho tse hokahanyang. Kaha mabitso a liphutheho tse ling tse sehlopheng seo ha a hlahe ka holim’a lienfelopo, mohokahanyi oa libuka o lokela ho hlahloba ka hloko melaetsa ea lethathamo la lintho tse rometsoeng ’me a tiise hore thepa e rometsoeng e isoa kapele phuthehong ka ’ngoe e sehlopheng seo.

◼ Liphutheho li lokela ho kōpa liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2008 ha li kōpa lingoliloeng khoeling e tlang. Lintho tse latelang ha lia lokela ho kōptjoa kaha li tla kenngoa setokong sa selemo le selemo sa liforomo tsa phutheho: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfelopo Tsa Karete ea Tlaleho (rce), Literature Request Form (S-14), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26) le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Re kōpa hore le sebelisetse liforomo tsohle morero oa tsona feela.

◼ Kopano ea potoloho ea Sepotoketsi e se e tla tšoaroa ka la 28 le la 29 July, 2007. E ntse e tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Eikenhof.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Na Ruri Molimo oa re Tsotella? (dg)—Sekwanyama

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—E Khōlō (bi8)—Seafrikanse, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa, Sezulu

Binelang Jehova Lithoriso—Ea Mantsoe Feela (lipina tse 100) (sb100)—Sevenda

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tsa MP3 Tse Fumanehang:

Kingdom Melodies (mpmel)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela