Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 11 June
  • Beke e Qalang ka la 18 June
  • Beke e Qalang ka la 25 June
  • Beke e Qalang ka la 2 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 6/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 11 June

Pina ea 153

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa June 15 le Tsoha! ea June li ka tsamaisoang kateng.

15 mets: Ho Hlomelloa ka ho Feletseng re le Mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa February 15, 2002, leqepheng la 24-8. Bakreste ba bang baa tsilatsila hore ba buelle thuto ea Bibele ho batho ba thahasellang hobane ha ba ikutloe ba tšoaneleha hore ba ka khanna thuto. Leha ho le joalo, Jehova o etsa hore re be basebeletsi ba tšoanelehang, a sebelisa Lentsoe la hae, moea oa hae o halalelang le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Sepheo sa rōna hase ho fana ka lingoliloeng feela. Re lokela hore re leke ho ruta batho. (Mat. 28:19, 20) Khothalletsa bahoeletsi hore ba falimehele ho qalisa lithuto tsa Bibele.

20 mets: Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, khaolo ea 13.

Pina ea 144 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 June

Pina ea 217

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo.

15 mets: Na U sa Hopola? Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa April 15, 2007, leqepheng la 19.

20 mets: “Re Thabela ho Ikakhela ka Setotsoana Tšebeletsong ea Jehova!”a Kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng ha nako e u lumella.

Pina ea 82 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 June

Pina ea 15

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July li ka tsamaisoang kateng.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Na U ka Kena ka ‘Monyako o Moholo o Isang Tšebetsong’?”b Ka bokhutšoanyane, buisana le pula-maliboho a le mong oa kamehla kapa ba babeli. Ba ile ba etsa liphetoho life e le hore e be bo-pula-maliboho ba kamehla? Ba fumane melemo efe?

Pina ea 138 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 2 July

Pina ea 208

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa June. Bolela sengoliloeng se tla tsamaisoa ka July, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo.

15 mets: Bopaki bo sa Reroang—Tsela ea Bohlokoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 101-2. Bolela litsela tse ling tse molemo tsa ho fana ka bopaki bo sa reroang. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse khothatsang tseo ba bileng le tsona ha ba ne ba fana ka bopaki bo sa reroang.

20 mets: “Le ’ne le ‘Behe Litholoana Tse Ngata.’”c Ha le tšohla serapa sa 4, kenyelletsa litlhaloso tse lebokoseng le reng “Mokhoa oa ho ‘Beha Litholoana ka Mamello,’” le hlahang Molula-Qhooeng oa February 1, 2003, leqepheng la 21.

Pina ea 69 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela