Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 9 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa July 15 le Tsoha! ea July li ka tsamaisoang kateng.
15 mets: Bua ka litlhophiso tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang. E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lengolo la la 15 May, 2007, le buang ka tšimo e sa abuoang, lingoliloeng tse tla tsamaisoa, matsatsi a ho ea le hore na ho tla sebetsoa libakeng life, tsa marobalo le litlhophiso tsa lipalangoang. Na ho na le ba ka nkang bopula-maliboho bo thusang? Liphutheho tse sa eeng tšimong e sa abuoang li lokela ho etsa litlhophiso tsa ho sebetsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla.
20 mets: Lebokose la Lipotso. E fanoe ke moholo. Bala sehlooho sohle u be u se tšohle. Akarelletsa lintlha tse hlahang Tsoheng! ea June 8, 2005, leqepheng la 28-30, tlas’a sehloohoana se reng “Likotsi Tsa ho Thetsa le Lekunutu” le se reng “Ho Khetha ho Kopana le Motho ka Seqo ho E-na le Inthaneteng.”
Pina ea 91 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 16 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Ho Boloka Khotso le Bohloeki ba Phutheho. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova ho tloha leqepheng la 144 ho fihla sehloohoaneng se leqepheng la 150.
15 mets: “Liphetoho Tse Thabisang Tsa Molula-Qhooa!”a
Pina ea 189 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 23 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa August 1 le Tsoha! ea August li ka tsamaisoang kateng.
20 mets: Bontšanang Kamohelo ea Baeti. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 15, 2005, leqepheng la 21-3. Kopanyelletsa le puisano e khutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao ho tsebahalang hore ke batho ba ratang ho amohela baeti. Ba ’nile ba etsa boiteko bofe hore ba lule ba amohela baeti? Bona hammoho le ba malapa a bona ba hlohonolofalitsoe joang ka lebaka la see?
15 mets: Ho Lokisetsa Likenyelletso Tse Atlehang. Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 9, serapeng sa 1-2. Kopanyelletsa le lipontšo tse peli tse bontšang kamoo ho ka tsamaisoang mpho ea khoeli ea August.
Pina ea 61 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 30 July
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa bona tsa khoeli ea July.
15 mets: Jehova o Hlohonolofatsa Boitelo. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 15, 2005, leqepheng la 8-9.
20 mets: “Ho Thaba Motho ea Ntseng a Tsoela Pele ho Mamella Teko.”b Ha u tšohla serapa sa 3, kōpa bamameli hore ba hlalose hore na tumelo e matla e ba thusitse joang ha ba ne ba thulana le teko ka tšohanyetso. Tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli li ka lokisetsoa esale pele.
Pina ea 13 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 6 August
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: Ke Eng e Tlisang Thabo ea Sebele? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa May 15, 2006, leqepheng la 28-9, serapeng sa 11-12. Ka bokhutšoanyane buisana le motho ea khethileng hore boboleli ebe ntho e ka sehloohong bophelong ba hae ho e-na le hore a lelekise menate kapa a phehelle mosebetsi oa lefatše. Ke eng e entseng hore a phehelle lipakane tsa moea? See se mo tliselitse thabo joang?
20 mets: “Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona.”c Ha u tšohla serapa sa 5, kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke hobane’ng ha ba ile ba qetella ba thahasella ’nete ha pele ba ne ba hanyetsa kapa ba se na thahasello.
Pina ea 211 le thapelo e koalang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.